Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Habakuke 2:20 - BIBELE

20 Morena yena o ka Tempeleng ya hae, Tempele ya hae e halalelang; fatshe lohle le ke le kgutse kapela hae.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Empa Jehova o ka tempeleng ya hae e kgethehileng ... Lefatshe lohle le ke le thole pela hae!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Habakuke 2:20
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na a ka bolellwa hore ke rata ho bua le yena? Haeba motho a ka bua, ruri o tla timetswa!


Morena o ka tempeleng ya hae e halalelang, terone ya Morena e mahodimong. Mahlo a hae a bona bana ba batho, o a ba tadimisisa, o a ba hlahloba.


Modimo wa rona o mahodimong, o etsa tsohle tse mo kgahlang.


O fedisa dintwa ho isa pheletsong tsa lefatshe; o robakanya diqha, a pome marumo, a tjhese dithebe mollong, a re:


“Lona dihlekehleke kgutsang kapele ho nna! Ditjhaba a di ke di imatlafatse! A di ke di atamele di bue, re kopaneng mmoho tulong sa kahlolo.


Ka selemo seo kgosi Usiya a ileng a shwa ka sona, ka bona Morena a dutse teroneng e phahameng, mophetho wa seaparo sa hae o tletse Tempele.


Morena o bua tjena: “Lehodimo ke terone ya ka, lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka. E kae ntlo eo ba nkgahelang yona? Se kae sebaka seo ke tla phomola ho sona?


Utlwang morusu o tswang kahara motse! Utlwang lerata le tswang ka Tempeleng! Ke modumo o tswang ho Morena, o putsa dira tsa hae ho ya ka mesebetsi ya tsona.


Ka re: ‘O ntahletse hole le wena, empa ke tla boela ke bone, ke bone Tempele ya hao, Tempele e halalelang.’


“Ha ke ne ke le makgatheng, makgatheng a ho shwa, ke ile ka o hopola, wena Morena, thapelo ya ka ya finyella ho wena, ka Tempeleng ya hao e halalelang.


Lona ditjhaba tsohle, mamelang! Wena lefatshe, sekeha tsebe! Le tsohle tse ho wena di sekehe tsebe! Morena Modimo o tla le qosa a le ka Tempeleng ya hae, Tempele e halalelang.


Ena ke thapelo ya moporofeta Habakuke. Ke kodi-ya-malla.


Kgutsang ha le le kapele ho Morena, kapele ho Morena Modimo, hobane tsatsi la Morena le atametse. Morena o sa lokisitse sehlabelo, le bamemuwa ba hae o sa ba kgethile.


Lona batho bohle, kgutsang ha le le kapele ho Morena, hobane o tswa ka Tempeleng ya hae e halalelang.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ