Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Habakuke 2:17 - BIBELE

17 Tshenyo e entsweng Lebanone e tla o timetsa, polao ya dibatana tsa yona e tla o tshosa, hoba madi a batho a tsholotswe ke wena, wa senya naha, le motse wa o ripitla, baahi bohle ba wona wa ba timetsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Hobane bolotsana bo entsweng Lebanone bo tla o apesa, le tshenyo e bileng ya tshosa diphoofolo. Ho tla ba jwalo ka baka la madi a batho, le ka baka la ho tsohela lefatshe matla, le motse le bohle ba ahileng ho wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Habakuke 2:17
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Wena motse wa Babilona, o seng o tla ripitlwa, ho lehlohonolo ya tla o buseletsa seo o re entseng sona.


Rolela morwalo wa hao ho Morena, mme o tla o jarisa; a ke ke a tlohella ya lokileng hore a sisinngwe le ka mohla.


Ya molato wa ho tsholla madi a motho, e tla ba mophaphathehi ho isa lefung, ho se be ya lekang ho mo thiba.


“Lona bohle ba fulang ka diqha, theang theko, le potapote Babilona, le e fule, ho se be le motsu o salang, hobane Babilona e sitetswe Morena.


“Mamelang babalehi ba phonyohileng Babilona, ba phatlalatsa Sione hore Morena o a iphetetsa, Morena Modimo wa rona, o a phetetsa, o phetetsa Tempele ya hae.


“Ke tla fedisa Babilona le baahi bohle ba yona moo le ntseng le bona, ka baka la diphoso tsohle tseo ba di etseditseng Sione,” ho rialo Morena.


Ka baka la ho nama ha kgwebo ya hao, pelo ya hao e ila tlala sehloho, yaba jwale wena o etsa sebe. Kahoo ka o leleka thabeng ya Modimo, ka o leleka ke ho silafala ha hao, ka o timetsa, wena kerubime e sireletsang, ka o tlosa hara majwe a phatsimang sa malakabe.


Ka etsa hore ditjhaba di thothomele ha di utlwa modumo wa ho wa ha kedare eo, ha ke e lahlela ka lebitleng mmoho le ba theohelang mohohlong. Jwale difate tshole tsa Edene, le tse ntlentle, tse kgahlehang tsa Lebanone, tsohle tse nwesetswang, tse ka mohohlong, di tla thabela ho wa ha kedare eo.


“Egepeta e tla fetoha nanaola, Edomo yona e fetohe lefeella, hobane tjhaba sa Juda se ile sa hlekefetswa, madi a sona a tshollwa a se na molato.


Na sera se tla nne se tsomule sabole, se nne se harinye ditjhaba ho se mohau?


Kaha o tlatlapile ditjhaba tse ngata, masalla a tsona le wona a tla o tlatlapa, hobane o tsholotse madi a batho, o sentse dinaha, le metse wa e ripitla, le baahi bohle ba yona wa ba timetsa.


Wena Lebanone, bula menyako ya hao, mollo o tlo tjhese kedare tsa hao!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ