Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Habakuke 2:13 - BIBELE

13 Na hase Morena wa mabotho ya ileng a rera, hore mosebetsi wa batho o fediswe ka mollo, le hore ditjhaba di sebeletse lelea?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Bonang, na hase taba e tswileng ho Jehova wa makgotla ha ditjhaba di ikgathaletsa se tla tjheswa ke mollo, mme merabe e ntshetsa matla a yona lefeela?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Habakuke 2:13
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E mong a bolella Davida, a re: “Ahitofele o teng kahara mahlabaphiyo a Abosalome.” Davida a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nyopise dikeletso tsa Ahitofele.”


Bona, matsatsi a ka o a lekantse, o a lekantse ka bophara ba seatla, bolelele ba bophelo ba ka hase letho mahlong a hao. Ruri motho ya phelang ke lefeela.


Ha ho bohlale, kelello, kapa morero o ka atlehang ha Morena a sa o rate.


Lona bohle ba besang mollo, le potapotwe ke ditlhase tsa wona, tsamayang leseding la mollo oo wa lona, hara tlhase tsa mollo o besitsweng ke lona. Seo le tla se amohela tsohong la ka, ke sena: Le tla paqama fatshe hara ditlokotsi.


Le senyetsang tjhelete ka tseo e seng bohobe? Dintho tse sa kgotsofatseng, keng ha le di sebeletsa ka thata? Mmameleng ka hloko, le je tse molemo, meya ya lona e ithabise ka tse monate.


Morena wa mabotho o bua tjena: “Rako le leholo la Babilona le tla heletswa, kgoro tsa yona tse phahameng di tjheswe ka mollo; setjhaba sena se sebeleditse lelea, mesebetsi ya sona e fella malakabeng!”


Jwale o re: ‘Ka mokgwa o tjena, Babilona e tla teba, e ke ke ya hlola e bitoha hape, ka baka la koduwa eo ke tla e dihela hodima yona. Baahi ba yona ba tla kgathala.’ ” Mantswe a Jeremia a fella mona.


Baedomo ba ka nna ba re: “Leha re ripitlilwe, re tla boela re tsosa dithako tsa rona,” empa Morena wa mabotho o bua tjena: “Ba tla haha, empa nna ke tla heletsa. Ba tla bitswa Naha e Kgopo, ba bitswe setjhaba seo Morena a se halefelang kamehla.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ