Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Habakuke 1:7 - BIBELE

7 Ke setjhaba se tshabehang, tjhaba se sehloho; melao ya sona, le yona tlotla ya sona, ke tse iketseditsweng ke sona ka bosona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Se a tshabeha, se a tshoheha; ke sona se itaolelang, se ikgodisang se nnotshi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Habakuke 1:7
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

yena monna ya ileng a fetola lefatshe nahathothe, yena ya ileng a timetsa metse ya lona, yena ya sa kang a dumella bathopuwa, ho kgutlela ha habo bona?’


e romela maqosa a etla ka lewatle, ka kepe tsa lehlaka tse sesang metsing! Eyang baromuwa ba tsebang ho potlaka, eyang tjhabeng sa batho ba balelele, ba sotseng, tjhaba se tshajwang hole le haufi, tjhaba se matla, se hatakelang, seo naha ya sona e tletsatletseng dinoka.


Ka nako eo Morena wa mabotho o tla tlisetswa dimpho, ke ba balelele, ba sotseng, ba tjhaba se tshajwang hole le haufi, tjhaba se matla, se hatakelang, seo naha ya sona e tletsatletseng dinoka; mpho di tliswe Thabeng ya Sione, moo ho kgumamelwang Morena wa mabotho.


“Jwale mamela, wena ya ratang boithabiso, wena ya iphelelang a sa natse letho, wena ya ntseng a ithetsa, ka ho re: ‘Ho re nna feela, ha ho pohopedi ntle ho nna! Nke ke be ka ba mohlolohadi le kgale, le ho shwelwa ke bana nke ke ka ho tseba!’


“Wena kgosi, eitse ha o sheba, wa bona setshwantsho sa setonanahadi. Setshwantshohadi sena se neng se eme kapele ho wena se ne se phatsima ka mokgwa o fahlang, sebopeho sa sona se tshabeha.


Ke wona motse wane o motlehadi, o neng o ituletse ka kgotso, o neng o ikgohomosa ka ho re: “Ke nna feela, ha ho na e mong.” O fetohile lesupi le lekaakang! O fetohile letsaba la dibatana! Bo-mofeta-ka-tsela ba a o makalla, ba letsa molodi, ba opa diatla!


Wena, Moshe, atamela, o mamele tsohle tseo Morena Modimo wa rona, a tla di bua; ebe wena o re bolella tsohle tseo Morena Modimo wa rona, a tla di bua ho wena. Rona re tla di mamela, mme re di phethe.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ