Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Habakuke 1:6 - BIBELE

6 Bona he, jwale ke tsosa Bakalatiya, tjhaba sane se bohale, se lehala, se thalatsang kahohle le lefatshe, ho ikgapela metse eo e seng ya sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Hobane ke se ke ya tsosa Bakalde, setjhaba seo se bohale, se mafolofolo, se haholang bophara bohle ba lefatshe, ho hapa dinaha tseo e seng tsa sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Habakuke 1:6
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Jehoyakime a ntse a busa, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a mo futuhela, mme a mo hlola; Jehoyakime ya eba mohlanka wa hae ka dilemo tse tharo. Hamorao Jehoyakime a fetohela Nebukadenesare.


Jwale Morena a neella Jehoyakime ka mabothwana a Bakalatiya, le a Baarame, le a Bamoabe, le a Baamone; a a romela Juda, ho ya e timetsa, mme ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bue ka bahlanka ba hae, baporofeta.


Morena a etsa hore kgosi ya Bakalatiya e ba futuhele; ya bolaya bahlankana ka sabole, ya ba bolaela ka Sehalalelong sa Tempele. Ya se ke ya hauhela bahlankana, kapa barwetsana, kapa maqheku, kapa ba seng ba kgokgoba ke botsofadi; Morena a neelana ka bona bohle matsohong a kgosi eo.


Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a mo futuhela, a mo tlama ka mahlaahlela a lethose, a mo isa Babilona.


Tadima naha ya Bakalatiya, ya tjhaba seo e seng e se letho! Baasiria ba e fetotse hwatata la dibatana, ba haha tora tsa bona tsa dibohodi, ba heletsa qhobosheane tsa yona, ba e siya e fetohile masupi.


Phahamisang mahlo a lona, le bone ba le futuhelang ba etswa leboya. O kae mohlape oo o neng o o disa, mohlape wa hao o neng o kgahleha?


‘Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le tla hlolwa. Dihlomo tsa lona, tseo ka tsona le tla lwantsha kgosi ya Babilona le Bakalatiya ba le etseditseng thibella, ke tla di nka, ke di bokelle, ke di bee bohareng ba motse.


Hamorao,’ ho rialo Morena, ‘ke tla neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, le ka bahlanka ba hae, le ka setjhaba sa hae, le ka masalla a sa bolawang ke lefu la sewa, le ka ba sa bolawang ka sabole, le ka ba sa bolawang ke sekoboto; ke tla neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a dira tsa bona, le matsohong a ba batlang ho ba bolaya. Nebukadenesare o tla ba bolaya ka sabole. A ke ke a ba qenehela, leha e le ho ba utlwela bohloko, kapa ho ba hauhela.’


ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya,’ ho rialo Morena, ‘ke bitse le mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, ditjhaba tseo di futuhele naha ena le baahi ba yona, di futuhele le ditjhaba tsohle tse ahelaneng le tsona, di di ripitle ho hang, di di etse setsoto, e be sekgobo, mme di timelle ruri.


Morena o bua tjena: “Re utlwile seboko se bakwang ke tshabo, seboko sa tshabo e seng sa kgotso.


Ka nako eo ho tla bolellwa batho bana, le Jerusalema, ho thwe: “Moya o omeletseng o tla hlaha, o hlahe tutudung tsa lehlabathe, o fokele tjhabeng sa ka, o etswa lehwatateng; ha e yo ba wa ho olosa, ha e yo ba wa ho fefera,


Phahamisang mokgele, le lebe Sione! Potlakelang teng, le se ka la dieha! Ke tlisa koduwa e hlaha leboya, koduwa eo e tla ba nanaola.”


Apara tse mahwashe, o lle sa mmokotsane, kgalefo e tlokomang ya Morena ha e a re tlohela.


Wena ntlo ya Iseraele,” ho rialo Morena, “ke tlisa tjhaba se tswang hole ho o futuhela, tjhaba sa kgale, sa boholoholo, tjhaba seo puo ya sona o sa e tsebeng, tjhaba seo leme le sona o sa le tsebeng.


Kahoo basadi ba bona ke tla ba nea banna basele, masimo a bona ke a nee ba ba hlotseng; ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, bohle ba labalabela qhoqha, baporofeta le baprista ka ho tshwana, kaofela ha bona ba phela ka bolotsana.


Ba tla hlohleletsa mokgopi hore o o tlepetse ka majwe, o o etse ditsekana ka disabole tsa wona.


Ke tla hlatsa kgalefo ya ka, ke e hlatsetse hodima hao, bohale ba ka bo tuke malakabe, ke neelane ka wena ho ba sehloho, bao e leng ditsebi tsa ho timetsa.


ke tla tlisa baditjhaba ba o futuhele, baditjhaba ba sehloho ho feta bohle; ka sabole tsa bona ba tla senya botle ba hao, ba senye le tsohle tsa bohlale ba hao, tlotla ya hao ba e silafatse.


Baditjhaba ba sehloho ho feta ba bang ba tla e rema, ba e tlohele hona moo. Mahlaku a yona a tla wela hodima dithaba le ka dikgohlong, makala a yona a robehele ka dinokeng tsohle tsa naha eo. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla tloha moriting wa yona, di ikele.


Kapele ho lona hlaha e a tjhesetsa, kamorao ho lona ho tuka malakabe. Kapele ho lona naha e ka tshimo ya Edene, kamorao ho lona naha e sala e le nanaola; le a fiela, ha le siye le letho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ