Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Habakuke 1:15 - BIBELE

15 Tsohle di tshwaswa ka dilope, di tshwaswa ke sera, se be se di tshwase ka letlowa la sona, se nto di hula ka seketswana sa sona, se etse ditlatse tsa nyakallo ha se tshwasitse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 O ba nyolla kaofela ka selope; o ba hula ka letanta la hae, a be a ba bokelle ka letlowa la hae; ebe hona a thabang, a nyakallang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Habakuke 1:15
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o lalla jwaloka tau e bothile selaong sa yona; o lalla jwalo hore a tle a qhautse mohlophehi, a mo qhautse ka ho mo tshwasa ka leraba la hae.


Batshwasi ba ditlhapi ba tla lla, le bohle ba akgelang dilope nokeng ya Nile, ba lle, le bona ba akgelang matlowa metsing ba tlallwe.


“Ke tla romela batshwasi ba ditlhapi ba bangata,” ho rialo Morena, “mme ba tla ba tshwasa. Hamorao ke tla romela ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle, le maralleng wohle, le mafarung a mafika.


“Batho ba kgopo ba teng tjhabeng sa ka, ba lallang sa batshosi ba dinonyana, sa ba tjhehang difi hore ba kgate batho.


“Lona ba lobetseng lefa la ka, le hoja le thabile, le nyakaletse, le ralotsa sa sethojana se qeta ho pola mabele, le tsetsela jwaloka poho tsa dipere,


Morena Modimo o bua tjena: Le ile la opa diatla, la tilatila fatshe ka maoto, mme la nyedisa naha ya Iseraele ka dipelo tsa lona tsohle;


“Wena ngwana motho, ha Tire e bua ka Jerusalema e ile ya tsheha, ya re: ‘Jerusalema e ripitlilwe, kgwebo ya yona e fedile, jwale ke tla atleha ha e le mona e fetohile lesupi!’


Kaha o ile wa thabela ho bona ntlo ya Iseraele, eo e leng lefa la ka, e ripitlwa, le wena ke tla o etsa jwalo, wena Thaba ya Seire. O tla fetoha letswatlare, le Edomo yohle e be jwalo. Ka hona ba tla tseba hore ke nna Morena.”


Morena Modimo ya halalelang o hlapantse ka lebitso la hae, a re: “Bonang, matsatsi a tla tla, ao ka wona le tla tloswa ka kgwathatha; le ba ho qetela hara lona, ba tloswe, ba hulwa ka dilope.


O tshwantshitse batho le tsa lewatle ditlhapi, le dibopuwa tse lelemelang di se na mmusi.


“Ruri, veine ke moeki wa motho; ya ikgohomosang a ke ke a phela. O meharo jwaloka Nqalo ya Bafu; jwaloka lefu ha a ke a kgora. O ipokellela ditjhaba tse ngatangata, merabe kaofela a e fetole bathopuwa.


Mang le mang ha a utlwa lentswe la Mmuso wa Modimo, mme a sa le utlwisise, E Mobe o ye a tle, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae; enwa ke yona peo e jetsweng ka tseleng.


Empa hore re tle re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope, mme tlhapi eo o tla e tshwasa pele, o e nke, o e ahlamolle, mme o tla fumana setatera; o se nke, o ba nee sona ho lefella rona le wena.”


Baahi ba lefatshe ba tla di tlaka, ba thabe, ba romellane dimpho, hobane baporofeta bao ba babedi ba ne ba ile ba ba tshwenya haholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ