Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Habakuke 1:13 - BIBELE

13 Mahlo a hao a halalela ka ho fetisa, a halalela hoo a ke ke a tadima bokgopo. Diphoso le tsona ha o ko di mamella. Jwale ho ya kang ha o mamella balotsana? O kgutseditseng ha ba kgopo ba timetsa batho, ba ba fetang ka ho loka?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Wena ya mahlo a hlwekileng a tshabanang le bobe, ya sitwang ho tadima hloriso, o tadimelang bathetsi? O kgutsetsang, ha molotsana a metsa ya mo fetisang ka ho loka?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Habakuke 1:13
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale ho tla ba jwang ha banna ba kgopo ba bolaile motho ya se nang molato, le hona a le diphateng ka tlung ya hae? Na ha ke tshwanele ho le ahlolela polao ya motho eo, ke le fedise lefatsheng?”


Morena o tla be a phetetsa madi ao ka hlooho ya hae, hobane o ne a bolaye banna ba babedi, ba lokileng, ba molemo ho mo feta. O ne a ba bolaye ka sabole, ntate, Davida, a sa tsebe letho. Banna bao ke Abinere, mora wa Nere, molaodi wa mabotho a Iseraele, le Amasa, mora wa Jetere, molaodi wa mabotho a Juda.


Haeba ka nako ena o ka kgutsa tu! ho namolelwa ha Bajuda le ho pholoswa ha bona, ho tla hlaha sebakeng se seng, empa haele wena le lelapa la ntatao le tla timetswa. Ke mang ya ka tsebang haeba o beilwe ditulong tseo, o beelwa nako e kang ee?”


Haesita Modimo a sa tshepe mangeloi a hae, mahlong a hae le mahodimo a sa hlweka,


“Ke hobaneng ha ba kgopo ba phela, ba tsofala, ba bile ba matlafala?


O a ba sireletsa, ba be ba rue letshepa, athe metsamao ya bona yona o e disitse.


Robokela ya kgopo le e mobe, o phetetse bokgopo ba hae bo fele tu!


Ho ya tshepahalang, o a tshepahala; ho ya se nang kodi, o hloka kodi.


Bohle ba o tshepang ha ba hlajwe ke dihlong, dihlong di hlaba ba sa tshepahaleng.


Morena, o tla shebella hoo ho fihlela neng? Pholosa bophelo ba ka bataneng tse purumang; ke bona feela, bo pholose taung tsena.


Ke wena Morena, ya boneng; se kgutse! Morena, o se ke wa ba hole le nna.


Ka dipelong tsa bona ba se re: “Aha! Re mo fumane!” Hape ba se re: “Re mo metsitse!”


Tsena o di entse; jwale o re nka kgutsa? O hopola hore ke tshwana le wena? Ke tla o kgalemela, ke totobatse tsohle mahlong a hao.


Modimo wa rona o a tla, a ke ke a hlola a kgutsa. Kepele ho yena ke mollo, mollo o tjhesang lore! Sefefo se matla se mo teetse hare.


hobane ke ne ke honohela baikakasi, ha ke bona katleho ya ba kgopo.


Ke bontshitswe pono e tshosang: Moeki o a eka, motimetsi o a timetsa. Futuha wena Elame! Thibella wena Media! Matshabeho wohle ke tla a fedisa!


Pina tse tswang pheletsong tsa lefatshe re di utlwile: “Tlotla e ke e iswe ho Ya Lokileng!” Empa nna ke re: “Ke fedile! Ke fedile! A nna elwa!” Mahlabaphiyo a ntsa tswela pele ho eka, bohlabaphiyo ba wona bo ntse bo hatela pele!


O madimabe hakaakang, wena motimetsi, wena o esong ho ka o timetswa! O madimabe hakaakang, wena lehlabaphiyo, wena o esong ho ka e ekwa! Ha o qeta ho timetsa, wena o tla timetswa, ha o kgaotsa ho eka, wena ba tla o eka.


Na tse etsahetseng tsee ha di o ame? Na ha o na ho etsa letho, Morena? Na o tla fela o kgutse, o re otle ho feta tekanyo?


ho sokamisa toka ka makgotleng, na tsee tsohle Morena ha a di bone?


O tshwantshitse batho le tsa lewatle ditlhapi, le dibopuwa tse lelemelang di se na mmusi.


Le se ke la rerelana bora, le se ke la hlapanya ka leshano. Tsena tsohle ke di hloile,” ho rialo Morena.


Ke yena ya neetsweng lefu ka thato le tsebo ya Modimo, mme lona le mo thakgisitse ka matsoho a banna ba kgopo, la mmolaya.


“Lekgoba le tshabetseng ho wena o se ke wa le kgutlisetsa ho monga lona eo le balehileng ho yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ