Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 9:27 - BIBELE

27 Modimo a ke a hodise Jafeta, a phele ditenteng tsa Sema, Kanana e be lekgoba la hae.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Modimo o atolose Jafeta, a dule ditenteng tsa Sema, mme Kanana e be mohlanka wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 9:27
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bana ke bara ba Jafeta: Gomere, le Magogo, le Madai, le Jafane, le Tubale, le Mesheke, le Tirase.


Ditjhaba di ke di o sebeletse, mme merabe e ke e o kgumamele. Eba morena wa bana beno, bana beno ba o kgumamele. Bohle ba o rohakang ba ke ba rohakehe, mme bohle ba o hlohonolofatsang ba hlohonolofale.”


Kamora morallo wa metsi, Nowe a phela dilemo tse makgolo a mararo le mashome a mahlano.


Mohlang oo, setlohololo sa Jese se tla ema e le mokgele wa ditjhaba; ditjhaba tsohle di tla se batla, sebaka seo se tla phomola ho sona se tla tlotleha.


“Ke tla etsa pontsho hara bona, ba phonyohileng ke ba romele ditjhabeng tsa Tarshishe, le Pule, le Lode, e leng tsona tse tummeng ka ho fula ka metsu. Ke tla ba romela Tubale le Jafane, le dihlekehlekeng tse hole, tse eso utlwe botumo ba ka, tse eso bone le yona tlotla ya ka; ba tla phatlalatsa tlotla ya ka hara ditjhaba.


“Bonang, jwale ke tla mo qekisa, ke ye le yena kwana lehwatateng, teng ke bue le yena ka lerato.


Ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba. Dibakeng tsohle ke tla nyehellwa ka sehlabelo sa mokubetso, le sa dinyehelo tse hlwekileng, hobane lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba,” ho rialo Morena wa mabotho.


Yaba hanghang badumedi ba balehisetsa Paulosi lewatleng, empa Silase le Timothea ba sala moo.


Ha e le mona tshito ya bona e ruisitse lefatshe, mme bokwenehi ba bona bo ruisitse baditjhaba, tshokoloho ya bona bohle e tla ruisa lefatshe hakaakang!


Esaya le yena o re: “Ho tla tla setloholo sa Jese, se tla bewa ho busa baditjhaba, mme baditjhaba ba tla se tshepa.”


Ha ho le jwalo, ha le sa le melata kapa bajaki, empa le se le le baahi ba sebele hammoho le bahalaledi, mme le ba lelapa la Modimo.


Ka hona ke le kopa hore le se ke la tepella, hobane ke matshwenyehong ka baka la lona, mme le ka ithorisa ka wona.


Sephiri seo ke ho re, ho Kreste Jesu, ka molaetsa o molemo, baditjhaba ke majalefa mmoho le Bajuda, bobedi ke ditho tsa mmele o le mong, mme ba na le kabelo tshepisong e le nngwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ