A mo rea lebitso la Nowe, a re: “Enwa o tla re phomotsa mosebetsing wa rona, le boimeng ba wona bo bakilweng ke thohako eo Morena a rohakileng mobu ka yona.”
Se mmakalleng hobane ke le motshwana; ke motshwana tjena hobane tsatsi le ntjhesitse. Kgaitsedi tsa ka di ne di ntlhoile, tsa ntaela ho ya tshosa masimong a morara, nako ya ho itlhokomela yaba ke a e hloka.
Na ho kile ha eba teng mohlabani ya sa fumaneng moputso wa hae? Kapa molemi ya sa kgeng morara wa tshimo ya hae? Kapa modisana ya sa jeng lebese la mohlape wa hae?
Na ho na le monna ya lemileng tshimo ya morara, ya eso je ditholwana tsa yona? Ha a kgutlele tlung ya hae, esere a bolawa ntweng, mme ditholwana tsa yona tsa jewa ke monna e mong.
“O tla nyala mosadi, empa o tla robalwa ke monna e mong. O tla haha matlo, empa o ke ke wa phela ka ho wona. O tla lema dirapa tsa morara, empa o ke ke wa ja ditholwana tsa tsona.