Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 50:5 - BIBELE

5 ‘Ntate o ile a ntlhapantsha, a re: Bona, ke lekgatheng la ho shwa; o tle o yo nkepela lebitleng leo ke itjheketseng lona naheng ya Kanana.’ Kahoo ke a o kopa: ako ntumelle ke nyolohe, ke yo epela ntate, ke tle ke boele ke kgutle.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ntate o ntlhapantshitse, a re: Bona, ke a shwa; o tle o mpate lebitleng la ka leo ke itheketseng lona lefatsheng la Kanana. Ako ntumelle jwale, ke ye ho pata ntate, ke ntoo kgutla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 50:5
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, ho fihlela o boela mobung, hobane o ntshitswe mobung, o lerole, mme o tla boela leroleng!”


Jwale Iseraele a re ho Josefa: “Bona, nna ke se ke tla shwa, empa Modimo o tla ba le lona, a le kgutlisetse naheng ya bo-ntata lona.


Yaba Josefa o re ho bana babo: “Ke se ke le lekgatheng la ho shwa, empa Modimo o tla le etela, a le nyolle naheng ena, a le isa naheng eo a neng a e hlapanyetse Aborahama, le Isaka, le Jakobo hore o tla ba nea yona.”


Ha matsatsi a bofifi a fetile, Josefa a bua le ba ntlo ya Faro, a re: “Haeba le nkgauhetse, le ke le bolelle Faro, le re:


Yaba Faro o re: “Nyoloha, o yo epela ntatao, jwalokaha a o hlapantshitse.”


A epelwa lebitleng leo a ileng a iketsetsa lona, Motseng wa Davida. Ba bea setopo sa hae hodima moalo o nonoditsweng ka tse monko o monate, le ka dinoko tsa mefutafuta, tse tswakilweng ke ditsebi tsa metswako ya ditlolo. Ba besa tetema ya mollo ho mo tlotla.


Ke a tseba hoba o tla nkisa lefung, tlung e kgethetsweng bohle, bohle ba phelang.


Ba tsholotse madi a bona jwaloka metsi hohle Jerusalema, mme ha ho ya ba epelang.


batho ba eso tshabe ho hlwa mekwalaba, ho tsamaya ditseleng ho so be kotsi; moriri wa hlooho o eso pudufale, o eso tsamaye o kokoroha, o kokoroha sa tsienyane, takatso tsa hao tsohle di eso fele; hobane motho o ya boyabatho, mahahabo a mo hlabele sa mmokotsane.


lerole le eso busetswe leroleng, moya o kgutlela ho Modimo, Mofani wa wona.


Ha monna a ka tswala bana ba lekgolo, mme a phela dilemo tse ngata, ha ho tsotellehe hore na o phela halelele hakae, haeba a ke ke a ithabisa ka maruo ao a hae, le phupu ya hae ya eba e tlontlollang, nna ke re sefolotsana se lehlohonolo ho mo feta.


‘O etsang moo, ka tumello ya mang, ha o ntse o itjhekela lebitla, o le tjheka moo ho phahamileng, o ipetlela lebitla la phomolo lefikeng?’


a se bea ka lebitleng la hae le letjha leo a neng a le betlile lefikeng, mme hoba a phikolosetse lejwe le leholo monyako wa lebitla, a tloha.


Nna ke tla shwela naheng ena, nke ke ka tshela Jorodane, empa lona le tla tshela, mme naha e ntle e be ya lona.


Saule a re ho Jonathane: “Mpolelle seo o se entseng!” Jonathane a mmolella, a re: “Ruri ke ile ka latswa mahe a dinotshi hanyenyane ka ntlha ya molamu o neng o le letsohong la ka. Ke nna enwa; ke tla shwa.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ