16 Yaba ba romela molaetsa ho Josefa, ba re: “Ntatao a eso shwe a na a re laela, a re:
16 Yaba ba bolella Josefa, ba re: Ntatao o kile a re bolella a eso ho shwe, a re:
Ha bana babo Josefa ba bona hore ntata bona o shwele, ba re: “Mohlomong Josefa o tla re hloya, a phetetse bobe bohle boo re neng re bo etse ho yena.”
‘Le tle le bue tjena ho Josefa: Re a o rapela hle: Ako tshwarele bana beno molato wa bona le sebe sa bona, hobane ba ne ba o etse hampe.’ Jwale re a o rapela, ako tshwarele molato wa bahlanka ba Modimo wa ntatao.” Josefa a lla ha a utlwa.
Ho tshaba batho ke ho itjhehela leraba, empa ya tshepang Morena o tla bolokeha.