Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 50:13 - BIBELE

13 ba mo isa naheng ya Kanana, ba mo epela lehaheng le neng le le tshimong ya Makapela, e pela Mamore, leo Aborahama a neng a le rekelle le tshimo ho Eferone wa Mohete, hore e be setsha sa hae sa mabitla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Bara ba hae ba mo isa naheng ya Kanana, ba mo pata lehaheng la tshimo ya Makpela, leo Abrahama a neng a le rekile hammoho le tshimo, hore e be setsha sa hae sa mabitla, ho Efrone, Mohete, ka nqa botjhabela ho Mamre.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 50:13
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tshimo le lehaha le ho yona, tsa newa Aborahama ke Bahete, hore e be setsha sa hae sa mabitla.


hore a nnee lehaha la Makapela, leo e leng la hae, le sebakeng seo tshimo ya hae e fellang ho sona. A ke a nnee lona moo lona le leng teng, ka theko e lokelang, e be setsha sa ka sa mabitla.”


Aborahama a neela moya, a shwa, mme a orohela ho bang ka yena, hoba a phele halalele ka boiketlo, a hodile, a atetswe ke ditshiu.


Bara ba hae, Isaka le Ishemaele, ba mo epela lehaheng la Makapela, tshimong ya Eferone, mora wa Sohara wa Mohete, pela Mamore.


Jakobo a fihla ho ntatae Isaka, ha a le Mamore, motseng wa Kiriate-Areba, e leng Heborone, moo Aborahama le Isaka ba neng ba jakile teng.


Yaba Isaka o neela moya, a shwa, a orohela ho ba habo, a hodile, a atetswe ke ditshiu, mme bara ba hae, Esau le Jakobo, ba mo epela.


Nna ke tla theoha le wena ho ya Egepeta; ke o tiisetsa hore ke tla boela ke o kgutlisa, mme Josefa o tla kwala mahlo a hao mohla o shwang.”


Mohla ke shwang jwaloka bo-ntate, o nkuke, o nntshe Egepeta, o yo nkepela mabitleng a bona.” Josefa a araba, a re: “Ke tla etsa kamoo o boletseng kateng.”


Bara ba Jakobo ba mo etsetsa jwalokaha a ne a ba laetse;


Hoba a epele ntatae, Josefa a kgutlela Egepeta, yena le bana babo, le bohle ba neng ba nyolohile le yena ho ya epela ntatae.


Manase a shwa, mme a epelwa tshimong e bitswang ya Usa, ya ntlo ya hae ya bokgosi. Amona, mora wa hae, a mo hlahlama.


Ditopo tsa bona tsa tliswa Shekeme, mme tsa epelwa lebitleng leo Aborahama a neng a le reke Shekeme ka silefera, ho bara ba Hemore.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ