Genese 50:11 - BIBELE11 Ha baahi ba naha eo, e leng Bakanana, ba utlwa sello sa bofifi Seotlong sa Meutlwa, ba re: “Sello sena ke se bohloko haholo ho Baegepeta!” Ka lebaka lena sebaka seo, se kamose ho Jorodane, ba se rea lebitso la Abele-Miseraime. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)11 Baahi ba naha eo, Bakanana, eitse ha ba bona dikgapha tse etswang seotlong sa Athade, ba re: Bofifi bona jwa Baegepeta bo boholo. Ke ka baka lena seotlo se mose ho Jordane se reilweng Abele-Mitsraime (bofifi ba Baegepeta). အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Palo ya ditweba tse bopilweng ka kgauta e ne e lekana le palo ya metse yohle ya dikgosi tse hlano tsa Bafilesita, e nang le diqhobosheane le e se nang diqhobosheane. Le kajeno-ya-bokajeno lefika le leholo, leo areka ya Morena e neng e bewe hodima lona, le ntse le le teng tshimong eo ya Joshua wa Mobete-Shemeshe, e le bopaki ba se ileng sa etsahala.