Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 50:10 - BIBELE

10 Yare ha ba fihla Seotlong sa Meutlwa, kamose ho Jorodane, ba lla sello sa mmokotsane, mme Josefa a qeta matsatsi a supileng a llela ntatae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yaba ba fihla seotlong sa Athade, se leng mose ho Jordane, mme ba lla teng ka dikgapha tse kgolo tsa mahlomola; mme Josefa a dulela ntatae teng bofifi ba ditshiu tse supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 50:10
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Esau a hloya Jakobo ka baka la tlhohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona. Esau a re ka pelong ya hae: “Matsatsi a bofifi ba ntate a atametse, mme ke tla bolaya Jakobo, moena wa ka.”


Ha baahi ba naha eo, e leng Bakanana, ba utlwa sello sa bofifi Seotlong sa Meutlwa, ba re: “Sello sena ke se bohloko haholo ho Baegepeta!” Ka lebaka lena sebaka seo, se kamose ho Jorodane, ba se rea lebitso la Abele-Miseraime.


Ha feta matsatsi a mashome a mane, hobane ho omeletsa setopo ho nka matsatsi a makaalo, mme Baegepeta ba mo llela ka matsatsi a mashome a supileng.


Ha matsatsi a bofifi a fetile, Josefa a bua le ba ntlo ya Faro, a re: “Haeba le nkgauhetse, le ke le bolelle Faro, le re:


A nyoloha le dikariki, le bapalami ba dipere, mme ya eba lebotho le leholo haholo.


Jwale Davida a bina kodi-ya-malla ena e llelang Saule le mora wa hae Jonathane.


Ha mosadi wa Uriya a utlwa hore monna wa hae o bolailwe, a mo aparela bofifi.


banna bohle ba bahale ba phalla, ba nka setopo sa Saule, le ditopo tsa bara ba hae, ba di isa Jabeshe. Ba epela masapo a bona tlasa sefate sa eike se Jabeshe, mme ba itima dijo ka matsatsi a supileng.


Ka matsatsi a supileng le masiu a supileng, ba dula le yena thotobolong moo, ho se ya mmuisang, hobane ba ne ba bona hore o opelwa haholo.


batho ba eso tshabe ho hlwa mekwalaba, ho tsamaya ditseleng ho so be kotsi; moriri wa hlooho o eso pudufale, o eso tsamaye o kokoroha, o kokoroha sa tsienyane, takatso tsa hao tsohle di eso fele; hobane motho o ya boyabatho, mahahabo a mo hlabele sa mmokotsane.


“Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ofe kapa ofe, o tla dula a le sesila ka matsatsi a supileng.


Ha setjhaba sohle se bona hore Arone o shwele, malapa wohle a Iseraele a llela Arone ka matsatsi a mashome a mararo.


Banna ba tshabang Modimo ba epela setopo sa Setefane, mme ba mo llela haholo.


Ana ke mantswe ao Moshe a ileng a a bua ho Baiseraele bohle, a le ka kwano ho Jorodane, lehwatateng, phuleng e mabapa le Sufe, pakeng tsa Parane, le Tofele, le Labane, le Haserote, le Disahaba.


Ka matsatsi a mashome a mararo bana ba Iseraele ba llela Moshe ba le diphuleng tsa Moabe, matsatsi a bofifi ba ho mo llela a nto fela.


Ba nka masapo a bona, ba a epela tlasa sefate sa tamarisika se Jabeshe, ba itima dijo ka matsatsi a supileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ