Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 49:33 - BIBELE

33 Ha Jakobo a qetile ho laela bana ba hae, a phutha maoto a hae, a a busetsa betheng, a neela moya, mme a orohela ho bang ka yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Eitse ha Jakobo a qetile ho laela bara ba hae, a busetsa maoto a hae diphateng, a neela moya, a orohela setjhabeng sa habo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 49:33
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A mo nkela kantle mme a re ho yena: “Tadima lehodimong, mme o bale dinaledi, haeba o ka tseba ho di bala;” mme a re: “Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo.”


Dilemo tsa bophelo ba Ishemaele e bile lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng. A neela moya, a shwa, mme a orohela ho bang ka yena.


Aborahama a neela moya, a shwa, mme a orohela ho bang ka yena, hoba a phele halalele ka boiketlo, a hodile, a atetswe ke ditshiu.


Yaba Isaka o neela moya, a shwa, a orohela ho ba habo, a hodile, a atetswe ke ditshiu, mme bara ba hae, Esau le Jakobo, ba mo epela.


Jakobo a bitsa bara ba hae, a re: “Tloong ho nna, mme ke tla le bolella se tla le hlahela ka matsatsi a tlang.


Jwale Jakobo a ba laela, a re ho bona: “Ke lekgatheng la ho orohela ho bang ka nna; le tle le nkepele pela bontate, lehaheng le tshimong ya Eferone wa Mohete;


Tshimo eo le lehaha le ho yona di ne di rekwe ho Bahete.”


Josefa a kopa ntatae ka molala, mme ha a ntse a mo aka, meokgo ya hae ya keleketla hodima sefahleho sa hae.


Elisha o ne a kulela lefu. Yaba Jehowashe, kgosi ya Iseraele, o theohela ho yena; ha a ntse a lla, meokgo ya hae ya keleketlela hodima sefahleho sa Elisha, a re: “Ntate! Ntate! Wena mohlabanedi le thebe ya Iseraele!”


Elisha a shwa, mme a epelwa. Ha selemo se thwase, mabothwana a Bamoabe a futuhela naha.


Empa motho yena o a shwa, a fellwe ke matla, a neele moya, ebe jwale o kae?


Ke a tseba hoba o tla nkisa lefung, tlung e kgethetsweng bohle, bohle ba phelang.


O tla ya lebitleng lemo tsa hao di ngatafetse, jwaloka koro e yang seotlong e se butswitse.


lerole le eso busetswe leroleng, moya o kgutlela ho Modimo, Mofani wa wona.


“Morena, jwale o ka lokolla mohlanka wa hao ka kgotso, ho ya ka polelo ya hao;


Jakobo a theohela Egepeta, moo yena le bo-ntata rona ba hlokahaletseng teng.


Ka tumelo ha Josefa a le lekgatheng la ho shwa, o ile a bua ka ho tswa ha bana ba Iseraele Egepeta, a ba a fana ka ditaelo tse amanang le masapo a hae.


Le tlile phuthehong ya matsibolo ao mabitso a wona a ngotsweng bukeng ya lehodimo; le tlile le ho Modimo, moahlodi wa batho bohle, le ho meya ya ba lokileng, ba fihletseng phetheho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ