Genese 49:28 - BIBELE28 Bana bohle ke meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele, mme sena ke seo ntata bona a se buileng ho bona ha a ba hlohonolofatsa; e mong le e mong a hlohonolofatswa ka mahlohonolo a mo tshwanelang. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)28 Ke yona ena meloko kaofela ya Iseraele, e leshome le metso e mmedi, mme ke tsona ditaba tseo ntata bona a di buileng ho bona, a ba hlohonolofatsa, a hlohonolofatsa e mong le e mong ka hlohonolofatso ya hae. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya boraro, e leng kgwedi ya Phuptjane, bangodi ba kgosi ba bitswa. Yaba ho ngolwa ho latela sohle seo Moredekai a ileng a se laela. Ha ngollwa Bajuda le baokamedi ba mabotho, le batlatsi ba bona, le babusi le mahosana a dinaha, ho tloha India ho ya fihla Kushe, e leng babusi ba dinaha tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng. Ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, le Bajuda ba ngollwa ka mongolo wa bona le ka puo ya bona.