Lona baradi ba Jerusalema ke a le laya, ke le laya ka ditshepe le ka dikgama tsa naha: Le se tsose moratuwa wa ka kapa la mo sisinya, ho fihlela yena a ka rata ho tsoha.
A roma maqosa ho ya bitsa Barake, mora wa Abinoame, ya tswang Kedeshe e Nafthali, mme Debora a re ho yena: “Morena Modimo wa Iseraele, o o laetse, a re: ‘Tsamaya, o lebe thabeng ya Tabore, o ye le bana ba dikete tse leshome ba tswang hara bana ba Nafthali le hara bana ba Sebulone.