Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 48:20 - BIBELE

20 Ka lona letsatsi leo a ba hlohonolofatsa, a re: “Baiseraele ba tla hlohonolofatsana, ba hlohonolofatsane ka lona, ba re: ‘Modimo a ke a ba atlehise, a ba atlehise jwaloka Efraime le Manase.’ ” Ka mokgwa o jwalo a eteletsa Efraime kapele ho Manase.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Yaba o ba hlohonolofatsa ka tsatsi leo, a re: Iseraele o tla nne a hlohonolofatse ka wena, a re: Modimo o o etse jwaloka Efraime le jwaloka Manasse. A bea jwalo Efraime ka pele ho Manasse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 48:20
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: “Kgaitsedi ya rona, o ke o be mma dikete tsa dikete; Ditloholo tsa hao di ke di hape metse, di hape metse ya dira tsa tsona.”


Modimo ya matla wohle a ke a o hlohonolofatse, a o fe bana ba bangata, a be a o atise haholoholo, o tle o be raditjhabatjhaba.


Jwale Iseraele a re ho Josefa: “Bona, nna ke se ke tla shwa, empa Modimo o tla ba le lona, a le kgutlisetse naheng ya bo-ntata lona.


Morabeng wa Josefa, ke ho re morabeng wa Manase, e le Gadi, mora wa Susi;


Ana ke mabitso a banna bao Moshe a ileng a ba roma ho ya hlwela naha. Mora wa Nune, e leng Hoshea, Moshe a mo rea lebitso la Joshua.


morabeng wa Efraime e le Joshua, mora wa Nune;


Ka letsatsi la bosupa ha nyehela kgosana ya bana ba Efraime, e leng Eleshama, mora wa Amihude.


Ka letsatsi la borobedi ha nyehela kgosana ya bana ba Manase, e leng Gamaleele, mora wa Pedasure.


Ka tumelo ha Jakobo a le lekgatheng la ho shwa, o ile a hlohonolofatsa bara ba Josefa ka bonngwe, mme a kgumama, a rapela a itsheheditse ka lere la hae.


Bana ba Josefa ba bua ho Joshua, ba re: “Ke ka baka lang ha o re file seabo se le seng le karolo e le nngwe feela e le lefa la rona, empa o bona hore re setjhaba se seholo, mme ho fihlela jwale Morena a nnile a re hlohonolofatsa?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ