Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 47:29 - BIBELE

29 Ha nako ya ho shwa ha Iseraele e atamela, a bitsa mora wa hae Josefa, a re ho yena: “Haeba ke fumane mohau ho wena, ako bee seatla sa hao ka tlasa serope sa ka. Tshepisa hore o tla nne o nthate, o tshepahale, mme o ke ke wa nkepela Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Yare nako eo Jakobo a tlang ho shwa ka yona ha e atametse, a bitsa Josefa, mora hae, a re ho yena: Ekare ha ke fela ke bone mohau mahlong a hao, ako bee letsoho la hao katlasa serope sa ka, mme o nketsetse ka molemo le ka nnete; ke a o rapela, o se ke wa mpata Egepeta,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 47:29
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Aborahama a re ho mohlanka wa hae, ya sebeditseng tlung ya hae halelele ho feta bohle, ya neng a okamela tsohle tseo a nang le tsona: “Ako bee seatla sa hao katlasa serope sa ka,


“Jwale, ha le rata ho bontsha mohau le botshepehi ho monga ka, mpolelleng. Le teng haeba ho se jwalo, mpolelleng, e le hore ke tle ke tsebe ho thinyetsa ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi.”


Isaka a re: “Bona ke tsofetse; ha ke tsebe letsatsi leo ke tla shwa ka lona.


O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, ho fihlela o boela mobung, hobane o ntshitswe mobung, o lerole, mme o tla boela leroleng!”


Jakobo a re ho Faro: “Dilemo tsa bojaki ba ka mona lefatsheng ke lekgolo le mashome a mararo. Dilemo tsa bophelo ba ka di bile kgutshwanyane, tsa eba thata, mme ha di a fihla dilemong tseo bo-ntate ba di phetseng.”


Jwale Iseraele a re ho Josefa: “Bona, nna ke se ke tla shwa, empa Modimo o tla ba le lona, a le kgutlisetse naheng ya bo-ntata lona.


Bara ba Jakobo ba mo etsetsa jwalokaha a ne a ba laetse;


‘Ntate o ile a ntlhapantsha, a re: Bona, ke lekgatheng la ho shwa; o tle o yo nkepela lebitleng leo ke itjheketseng lona naheng ya Kanana.’ Kahoo ke a o kopa: ako ntumelle ke nyolohe, ke yo epela ntate, ke tle ke boele ke kgutle.”


Bohle re tlameha ho shwa. Re jwaloka metsi a qhaletsweng fatshe, a ke keng a hlola a bokellwa. Le yena Modimo ha a furalle batho, empa o etsa matsapa a hore ya lelekilweng ke batho a se ke a lahlwa ke Modimo.


Ba nka setopo sa Asaele, ba se epela ka lebitleng la ntatae, le neng le le Betlelehema. Bo-Joabe le bahlabani ba hae ba tsamaya bosiu bohle, ba fihla Heborone ha bo esa.


Ha o se o shwele, mme o se o ithobaletse ho bo-ntatao, ke tla o hlahisetsa mora ya tla tswa lethekeng la hao, mme ke tiise mmuso wa hae.


Ha nako ya ho shwa ha Davida e se e atametse, a laya Solomone, mora wa hae, a re:


Hoja motho o a shwe, a boele a phele, ke ne nka mamella tlokotsi tsa ka ka nako tsohle, ka emela topoloho ya ka ya ba ya fihla.


Ke a tseba hoba o tla nkisa lefung, tlung e kgethetsweng bohle, bohle ba phelang.


“Bophelo ba motho mona lefatsheng ke ntwa, matsatsi a hae ekare a mohiruwa,


e leng batho ba tshepileng matlotlo a bona, ba ithorisang ka maruo a bona a mangata?


Tefello ya bophelo ba motho e feta matla a hae, a ke ke a e lekana le ka mohla!


Kgutla Morena, o nnamolele, o mpholose ka baka la mohau wa hao.


Morena, ako hopole bokgutshwanyane ba bophelo, hopola hore batho bohle o ba bopetse lefeela.


Morena a re ho Moshe: “Bona, matsatsi a ho shwa ha hao a ntse a atamela. Bitsa Joshua, o tle le yena ka Tenteng ya Morena, mme ke tla mo nea taelo.” Bo-Moshe le Joshua ba ya, ba kena ka Tenteng ya Morena.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Bona, o se o tla ithoballa le bo-ntatao, empa setjhaba sena se tla hloka botshepehi ho nna, se kgelohe, se latele medimo e meng ya baditjhaba ba naha, seo se yang ho phela hara bona. Se tla mphuralla, se kwenehele selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.


Ka tumelo ha Josefa a le lekgatheng la ho shwa, o ile a bua ka ho tswa ha bana ba Iseraele Egepeta, a ba a fana ka ditaelo tse amanang le masapo a hae.


Batho ba abetswe ho shwa hanngwe, ba nto ahlolwa.


Banna bao ba re ho yena: “Re tla o shwela, haeba o ke ke wa bolela taba ena ya rona. Ha Morena a se a re neile naha ena, re tla ba mosa ho wena, re tshepahale.”


“Bonang, kajeno le nna ke ya boyabatho. Botebong ba dipelo tsa lona, le maikutlong a lona, le tseba hantle hore ha ho ntho le e nngwe ya dintho tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa lona, a le tshepisitseng tsona, e sa kang ya phethahala. Tsohle di phethahetse, ha ho le e nngwe e sa kang ya phethahala.


Davida a boela a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, o se ke wa leka! Ke Morena ya tla mmolaya. Nako ya ho shwa ha hae e tla fihla, kapa o tla bolaelwa ntweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ