Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 47:24 - BIBELE

24 Ka nako ya kotulo le tla nea Faro karolo e le nngwe ho tse hlano ya tse kotutsweng. Karolo tse nne e tla ba tsa lona, e be peo, le dijo tsa lona le tsa malapa a lona, le dijo tsa bana ba lona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Etlare mohla ho kotulwang, karolo ya bohlano le tla e nea Faro, mme karolo tse nne e tla ba tsa lona bakeng sa ho jala masimo le sa ho le fepa le ba matlo a lona, le sa ho fepa bana ba lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 47:24
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho bokwe Modimo ya hodimodimo, ya o thusitseng ho hlola dira tsa hao.” Jwale Aborame a mo nea karolo e le nngwe ho tse leshome tse hapilweng.


Kgosi ya Sodoma ya re ho Aborame: “Nkgutlisetse batho, o ipolokele thepa.”


Le lejwe leo ke le hlommeng hore e be mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo. Ke tla mo nea karolo e le nngwe leshomeng ka leng la tsohle tseo a mphang tsona.”


Faro a ke a etse tjena: a kgethe baokamedi hodima naha ena, mme ba nke karolo e le nngwe ho tse hlano tsa kotulo ya naha ya Egepeta, dilemong tsena tse supileng tsa nala.


Yaba Josefa o re ho setjhaba: “Bonang, kajeno lona le masimo a lona ke le reketse Faro. Jwale peo ke ena, mme le tla jala masimo.


Ba re: “O re pholositse! A re ke re fumane mohau ho morena ka, mme re tla ba makgoba a Faro.”


Ho lehlohonolo motho ya mosa, motho ya adimanang, ya sebetsang ditaba tsa hae ka toka.


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


“ ‘Karolo e nngwe le e nngwe ho tse leshome tsa kotulo ya naha, le ya peo e jalwang masimong, kapa ya ditholwana tsa difate, ke ya Morena; e a halalela.


Karolo e nngwe le e nngwe ya leshome, dikgomong, kapa dikgutshwaneng, tsohle tseo modisa a di balang ka molamu wa hae, e leng phoofolo e nngwe le nngwe ya leshome, e tla halalela ho Morena.


“Bona mona, bana ba Balevi ke ba neile karolo e le nngwe ho tse leshome la tse bokeletsweng ke bana ba Iseraele e le lefa la bona. Ke moputso wa tshebeletso ya bona eo ba e etsang ka Tenteng ya Morena.


“Ka selemo se seng le se seng, o tla fana ka karolo e le nngwe ho tse leshome, tsa kotulo yohle e tswang tshimong ya hao.


“Ka selemo sa boraro, e leng selemo sa ho ntsha karolo e le nngwe ho tse leshome, ha o qetile ho ntsha dikarolo tseo tsohle tsa tse leshome tsa kotulo ya hao, o di nee Molevi, le mojaki, le kgutsana, le mohlolohadi, hore le bona ba tle ba je, ba kgore, ba le setjhabeng sa heno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ