Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 47:19 - BIBELE

19 Re ka shwela mahlong a hao ka baka lefe, rona le masimo a rona? Re rekelle le masimo a rona ka dijo, hore rona le masimo a rona re be makgoba a Faro. Re fe peo re tle re phele, re se ke ra shwa, le hore masimo a se ke a lala.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Na re ka shwa jwang pela hao, rona le lefatshe la rona? Ako re reke jwale, rona le masimo a rona, ka bohobe, mme rona le masimo a rona re tla ba bahlanka ba Faro, mme u re nee peo, re tle re phele, mme re se ke ra shwa, mme masimo a rona a se ke a fetoha nahathothe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 47:19
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Dijo tseo di bolokelwe dilemo tse supileng tsa tlala e tla wela naha ya Egepeta, e le hore naha ena e se ke ya timetswa ke tlala.”


Yare ha tjhelete e fela naheng ya Egepeta le ya Kanana, Baegepeta bohle ba tla ho Josefa, ba re: “Re fe dijo! O re re shwe o ntse o re tadimile, hobane feela re feletswe ke tjhelete?”


Ha selemo seo se fedile, ba tla ho yena ka selemo sa bobedi, ba re: “Ha re ka ke ra patela morena wa rona hore tjhelete e fedile, le leruo la diphoofolo le feletse ho morena ka. Ha re a sallwa ke letho leo morena ka a ka le bonang, haese mmele ya rona le masimo a rona.


Yaba Josefa o rekela Faro naha yohle ya Egepeta, hobane Moegepeta e mong le e mong o ile a rekisa tshimo ya hae, kaha tlala e ne e ba imetse, mme naha ya eba ya Faro.


Satane a araba Morena, a re: “Letlalo ke thebe ya pelo! Motho a ka tela tsohle tseo a nang le tsona, hore a ipholose.


Tjhaba sohle sa yona se qetwa ke mefehelo, se fehelwa ha se ntse se sikila bohobe; matlotlo a sona se a ananya dijo, hore se nne se tsebe ho phela. “Oho, Morena, ako tadime, o be o bone; bona kamoo ke nyedisehang kateng!”


Ra ipea tlasa Egepeta le Asiria, re tle re tsebe ho fumana bohobe.


Re fumana dijo re okametswe ke lefu, ka baka la sabole e lehwatateng.


Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ