Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 47:14 - BIBELE

14 Josefa a bokella tjhelete yohle e neng e fumanwa naheng ya Egepeta le ya Kanana ha ho ntse ho rekiswa koro, mme a e isa tlung ya Faro.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Josefa a bokella ditjhelete tsohle tse neng di le teng lefatsheng la Egepeta le lefatsheng la Kanana, e leng tsona tsa koro eo ba e rekang, mme Josefa a tlisa ditjhelete tseo ka tlung ya Faro.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 47:14
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha tlala e se e aparetse lefatshe lohle, Josefa a bula disiu tsohle, mme a rekisetsa Baegepeta koro, hobane tlala e ne e le kgolo naheng ya Egepeta.


Dinaha tsohle tsa tla Egepeta, ho Josefa, ho reka koro, kaha lefatshe lohle le ne le aparetswe ke tlala ya bojadikata.


Yare ha tjhelete e fela naheng ya Egepeta le ya Kanana, Baegepeta bohle ba tla ho Josefa, ba re: “Re fe dijo! O re re shwe o ntse o re tadimile, hobane feela re feletswe ke tjhelete?”


Ya hanang ho rekisa koro batho ba a mo rohaka, empa ya ba rekisetsang yena o a hlohonolofala.


Ho batlehang ke hore mookamedi ka mong a fumanwe a tshepahala.


Ka ho ya ka neo eo a e filweng ke Modimo, motho ka mong a ke a sebeletse ba bang jwaloka moabi ya kgabane wa mohau wa Modimo, o iponahatsang ka mekgwa e mengata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ