Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 46:4 - BIBELE

4 Nna ke tla theoha le wena ho ya Egepeta; ke o tiisetsa hore ke tla boela ke o kgutlisa, mme Josefa o tla kwala mahlo a hao mohla o shwang.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke tla theohela Egepeta le wena, ke be ke o buse teng, mme Josefa o tla o kwala mahlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 46:4
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bona, ke na le wena, mme ke tla o sireletsa hohle moo o yang teng, ke be ke o kgutlisetse naheng ena. Ha nka ke ka o furalla, ho fihlela ke etsa seo ke se buileng ho wena.”


Jwale Iseraele a re ho Josefa: “Bona, nna ke se ke tla shwa, empa Modimo o tla ba le lona, a le kgutlisetse naheng ya bo-ntata lona.


Josefa a kopa ntatae ka molala, mme ha a ntse a mo aka, meokgo ya hae ya keleketla hodima sefahleho sa hae.


ba mo isa naheng ya Kanana, ba mo epela lehaheng le neng le le tshimong ya Makapela, e pela Mamore, leo Aborahama a neng a le rekelle le tshimo ho Eferone wa Mohete, hore e be setsha sa hae sa mabitla.


‘Ntate o ile a ntlhapantsha, a re: Bona, ke lekgatheng la ho shwa; o tle o yo nkepela lebitleng leo ke itjheketseng lona naheng ya Kanana.’ Kahoo ke a o kopa: ako ntumelle ke nyolohe, ke yo epela ntate, ke tle ke boele ke kgutle.”


Ke re ke tla le ntsha matshwenyehong a Egepeta, ke le ise naheng ya Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse; naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi.’


Ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla matsohong a Baegepeta; ho se nyolla naheng eo, ke se ise naheng e ntle, e batsi; naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi; naheng ya Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ