Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 46:34 - BIBELE

34 le tle le re: ‘Haesale bahlanka ba hao e le badisa, ho tloha botjheng ba bona, ho fihlela kajeno, rona le bo-ntata rona,’ e le hore le tle le jake seterekeng sa Goshene, hobane Baegepeta ba kgesa badisana bohle.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 le tle le re: Bahlanka ba hao re disa mehlape esale le botjheng ba rona ho fihlela jwale, rona le bontata rona; le tle le dule naheng ya Goshene. Hobane badisa kaofela ba mehlape ke manyala ho Baegepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 46:34
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Diqabang tsa hlaha pakeng tsa badisana ba Aborame le ba Lota. Nakong eo Bakanana le Baperise ba ne ba ahile naheng eo.


Yaba Aborame o re ho Lota: “Ke a o rapela, qabang a e ke e be siyo pakeng tsa rona le wena, le pakeng tsa badisana ba ka le badisana ba hao, hobane re bana ba motho.


Badisa ba Gerare ba tsekisana le ba Isaka, ba re: “Metsi ana ke a rona.” Yaba sediba seo o se rea lebitso la Eseke, hobane ba ne ba se tsekisane le yena.


Ka lona letsatsi leo Labane a kgetha diphooko tsohle tse rolo le tse putswa, le dipodi tsohle tse rolwana le tse pudutswana le tsohle tse phatshwana, le dikonyana tsohle tse ntsho, a di siya matsohong a bara ba Jakobo.


Jakobo a utlwa hore Shekeme o tlontlolotse moradi wa hae, Dina. Kaha bara ba hae ba ne ba le mehlapeng, naheng, Jakobo a kgutsa ho fihlela ba fihla.


Yaba bana babo ba ya Shekeme ho ya alosa mohlape wa ntata bona.


Tsena ke ditaba tsa lelapa la Jakobo. Josefa ha a ena le dilemo tse leshome le metso e supileng o ne a disa mehlape le bana babo. Moshanyana enwa o ne a ena le bara ba Bileha le Silepa, basadi ba ntatae, mme Josefa a bolella ntatae ditaba tsa bona tse mpe.


Ba mmeela tsa hae a le mong, le tsa bona ba le bang, le tsa Baegepeta ba jang le yena ba le bang, hobane Baegepeta ha ba lokele ho ja le Baheberu, kaha hoo ke manyala ho Baegepeta.


O tla jaka seterekeng sa Goshene, o tlo be haufi le nna, wena le bara ba hao, le ditloholo tsa hao, le mehlape ya hao ya dinku le ya dikgomo, le tsohle tseo o nang le tsona.


Le late ntata lona le ba malapa a lona, le tle ho nna, mme ke tla le nea moo naha ya Egepeta e nonneng teng, le je mafureng a naha.’


Banna bao ke badisa ba mehlape, hobane haesale ba ruile diphoofolo, mme ba tlile le mehlape ya bona ya dinku le ya dikgoma, le tsohle tseo ba nang le tsona.’


Josefa a bea ntatae le bana babo, a ba kgethela sebaka sa bodulo naheng ya Egepeta, moo naha e leng ntle, seterekeng sa Ramesese, jwalokaha Faro a ne a laetse.


Faro a re ho bana bao babo: “Mosebetsi wa lona ke ofe?” Ba araba Faro, ba re: “Bahlanka ba hao ke badisa ba mehlape ya dinku, jwaloka bo-ntata bona.”


Ba boela ba re ho Faro: “Re tlile ho tla jaka naheng ena, hobane mehlape ya bahlanka ba hao ha e na makgulo, kaha tlala e kgolo naheng ya Kanana. Ka hona re a o kopa: O ke o dumelle bahlanka ba hao ho aha seterekeng sa Goshene.”


Naha ya Egepeta ke ena kapele ho wena. Bea ntatao le bana beno moo naha e leng ntle, ba ahe seterekeng sa Goshene. Haeba o tseba hore ho na le banna ba tshepahalang hara bona, o ba etse badisa ba mehlape ya ka.”


“ ‘Mohla letsatsi leo, ke tla sekeletsa setereka sa Goshene, moo setjhaba sa ka se ahileng teng, hore ho sona ho se be diboba; e le hore o tle o tsebe hore ke nna Morena naheng ena.


Moshe a re: “Ha ho dumellehe hore re etse jwalo, hobane re etsetsa Morena Modimo wa rona, mahlabelo a diphoofolo tseo ho di hlaba e leng sebe ho Baegepeta. Bona mona, ha re ka etsa sehlabelo se jwalo, e leng sebe ho Baegepeta, ra se etsa moo ba ntseng ba bona, na ha ba na ho re tlepetsa ka majwe?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ