Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 46:12 - BIBELE

12 Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Perese, le Sera. Ere le Onane ba ile ba shwela naheng ya Kanana. Bara ba Perese e ne e le Heserone le Hamule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Peretse, le Sera. Empa Ere le Onane ba ne ba shwele naheng ya Kanana. Bara ba Peretse e ne e le Hetsrone, le Hamule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 46:12
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya boela ya eba moimana hape, a tswala mora, mme a re: “Jwale ke tla boka Morena.” Ka baka lena, a mo rea lebitso la Juda; yaba o kgaotsa ho beleha.


Seo a ileng a se etsa sa eba sebe mahlong a Morena, mme le yena Morena a mmolaya. Yaba Juda o re ho Tamare, ngwetsi ya hae:


A emola hape, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Onane.


A boela a tswala mora, a mo rea lebitso la Shela. Juda o ne a le Kesibe ha Hira a tswala mora eo.


Empa Ere, letsibolo la Juda, e ne e le motho ya kgopo mahlong a Morena, mme Morena a mmolaya.


Bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari.


Bara ba Isakare: Tola, le Pua, le Jobo, le Shimerone.


Bana ke bara ba Iseraele: Rubene, le Simeone, le Levi, le Juda, le Isakare, le Sebulone,


Bana ke bara bao Davida a ileng a ba tswala ha a le Heborone. Mora wa hae wa matsibolo ke Amanone, ya tswetsweng ke Ahinoame wa Mojesereele; wa bobedi ke Daniele, ya tswetsweng ke Abikaele wa Mokaramele;


Bana ke bara ba Juda: Perese, le Heserone, le Karimi, le Hure, le Shobale.


Bana ke bara ba Shela, mora wa Juda: Ere ya ileng a thea Leka, le Lada ya ileng a thea Maresha, le ba merabe ya ba neng ba etsa masela a lene, mane Bete-Ashebea,


Le hoja Juda a ne a le matla ho feta bana babo, mme mmusi a ile a hlaha lapeng la hae, ditokelo tsa boholo e ile ya eba tsa Josefa.


Utai, mora wa Amihude, setloholo sa Omeri, setloholwana sa Imeri, setlohotloholwana sa Bani ya tswetsweng ke Perese, mora wa Juda.


ho bara ba Sera ya eba Jeuele le bana babo, ba le makgolo a tsheletseng le mashome a robong;


Petahiya, mora wa Meshesabole, e mong wa ditloholo tsa Sera, mora wa Juda, e ne e le letona la kgosi ditabeng tsohle tse amanang le setjhaba.


empa a kgetha leloko la Juda, thaba ya Sione eo a e ratang.


Lapeng la Juda e be Naheshone mora wa Aminadabe.


“A hlohonolofatsa Juda, a re: “ ‘Morena, sekeha tsebe o e sekehele sello sa Juda, o mmusetse ho ba morabe wa hae, a itshireletse ka matsoho a hae, o be mathusetsa ho yena direng tsa hae.’


Efela ho tsejwa hantle hore Morena wa rona o tswile lelokong la Juda, leo Moshe a sa kang a bolela letho ka lona, ha a bua ka tsa boprista.


Empa e mong wa baholo a re ho nna: “O se ke wa lla. Bona, Tau ya leloko la Juda, Lehlomela la Davida, o hlotse. O tla phetla buka le ho kgomarolla dibitielo tse supileng tsa yona.”


Morena a re: “Ke ba morabe wa Juda ba tla futuha pele. Bonang, ke neelane ka naha ena matsohong a bona.”


Bana bao Morena a tla o fa bona ka mosadi enwa, ba ke ba be jwaloka bana ba Perese, bao Tamare a neng a ba tswalle Juda.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ