Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 45:22 - BIBELE

22 Bohle a ba nea diaparo tse ntjha, empa Benjamine yena a mo nea silefera e ka etsang boima ba dikilo tse tharo le halofo, le mefuta e mehlano ya diaparo tse ntjha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 A ba nea bohle dikobo, e mong le e mong, tseo ba di aparang tsa mokete, empa a nea Benjamine ditjhelete tse makgolo a mararo, le dikobo tse hlano tsa ho apara ka mokete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 45:22
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Josefa o laela hore ba abelwe dijo tse kapele ho yena, mme seabo sa Benjamine sa feta tsa ba bang bohle ha hlano. Ba enwa, mme ba thaba le yena.


Ho ntatae a romela tsena: ditonki tse leshome, tse bofileng dintho tsa bohlokwa tsa Egepeta; le ditonki tse leshome, tse tshehadi, tse bofileng koro, le bohobe, le mofao wa ntatae.


Kgosi ya Arame ya re: “Tsamaya, o ye hona teng, mme nna ke tla ngolla kgosi ya Iseraele.” Naamane a tsamaya a nkile silefera e etsang boima ba dikilo tse makgolo a mararo le mashome a mane, le kgauta e etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng, le mefuta e leshome ya diaparo tse ntle.


Yaba e mong le e mong wa bona o newa seaparo se sesweu, mme ba bolellwa hore ba ke ba bee butle ho se hokae, ho fihlela palo ya balekane ba bona ba bohlanka, le ya bana babo bona ba tla bolawa jwaloka bona, e phethahala.


Samosone a re ho bona: “Ke a le lotha. Ha le ka la ntlhalosetsa selotho sena matsatsi a supileng a mokete a eso fete, mme la se nepa, ke tla le nea dihempe tse mashome a mararo tse entsweng ka lesela la lene, le diaparo tse mashome a mararo tsa mokgabo.


Moya wa Morena wa theohela hodima hae ka matla, yaba o theohela Ashekelone, teng a bolaya banna ba mashome a mararo. A nka diaparo tsa bona, a nea banna ba ileng ba mmolella tlhaloso ya selotho sa hae diaparo tsa mokgabo. Kgalefo ya hae ya tlokoma, a nyolohela lapeng habo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ