Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 45:18 - BIBELE

18 Le late ntata lona le ba malapa a lona, le tle ho nna, mme ke tla le nea moo naha ya Egepeta e nonneng teng, le je mafureng a naha.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 le nke ntata lona, le ba matlo a lona; le tle ho nna, ke tswe ke le nea moo ho fetisang ka botle naheng ya Egepeta, mme le je monono wa naha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 45:18
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo a ke a o nee phoka ya lehodimo, le monono wa lefatshe, le tjhai ya koro le ya veine.


Yaba Faro o re ho Josefa: “Ere ho bana beno: ‘Etsang tjena: bofang dipelesa tsa lona, le kgutlele naheng ya Kanana.


le tle le re: ‘Haesale bahlanka ba hao e le badisa, ho tloha botjheng ba bona, ho fihlela kajeno, rona le bo-ntata rona,’ e le hore le tle le jake seterekeng sa Goshene, hobane Baegepeta ba kgesa badisana bohle.”


Naha ya Egepeta ke ena kapele ho wena. Bea ntatao le bana beno moo naha e leng ntle, ba ahe seterekeng sa Goshene. Haeba o tseba hore ho na le banna ba tshepahalang hara bona, o ba etse badisa ba mehlape ya ka.”


O entse hore kgotso e be teng meeding ya hao, a o kgorisa ka koro e atlehileng.


Bohle ba hloileng Morena ba tla tlameha ho mo hlompha, kotlo ya bona e tla ba ya mehla yohle.


Ho madimabe mofaphlooho wa botlotlehi, oo matahwa a Efraime a kgabang ka wona! Ho madimabe thunthung e ponang, eo e leng tlotla ya botle ba hae, e metseng qetheng ya kgohlo e manoni, eo matahwa a ikgantshang ka yona!


Thunthung e ponang, e leng tlotla ya botle ba hae, e metseng qetheng ya kgohlo e manoni, e tla ka feiye e butswang pele ho lehlabula, e kgolwang ke ya e bonang, ebe o a e ja.


“Ole e ntle ka ho fetisisa, le veine e monate ka ho fetisisa, le koro e ntle ka ho fetisisa e leng dilopotsiya tseo ba di abelang Morena, tsona ke o nea tsona.


Dimphong tsohle tsa lona tseo le di amohelang le ntshetse Morena nyehelo eo e leng ya hae. Hara tsohle tse ntle ka ho fetisisa, le tla mo nyehella ka karolo e halaleditsweng.’


sereledi ya eba sa serema sa kgomo, lebese ya eba le mafura la dinku, mafura ya eba a dikonyana, dipheleu le dipodi ya eba tsa Bashane, koro ya eba e lefi le thata, a nwa lero la morara le lefubedu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ