Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 45:15 - BIBELE

15 A aka bana babo kaofela, a lla. Kamora tseo bana babo ba qoqa le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 A ba a aka banababo kaofela, a lla le bona; yaba banababo ba buisana le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 45:15
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha Labane a utlwa ditaba tsa Jakobo motjhana hae, a matha ho ya mo kgahlanyetsa, a mo kopa molaleng, a mo aka, a mo isa ka tlung ya hae. Jakobo a bolella Labane tsena tsohle,


Empa Esau a matha ho mo kgahlanyetsa, a mo kopa molaleng, a mo aka, mme ba lla.


Yaba Josefa, o a ba furalla, o a lla. A boela a retelehela ho bona, a buisana le bona, yaba o nka Simeone, o mo tlama ba ntse ba bona.


Yaba o kopa moena hae Benjamine ka molala, o a lla; le meokgo ya Benjamine ya tsholohela molaleng wa ngwanabo.


Ha ho bolelwa tlung ya Faro, ho thwe: “Bana babo Josefa ba fihlile.” Faro a thaba, le bahlanka ba hae ba thaba.


Yaba o bokolla, hoo Baegepeta ba bileng ba utlwa, le ba lelapa la Faro ba ba ba utlwela taba eo.


Josefa a pana kariki ya hae, a nyolohela Goshene ho ya teana le ntatae. Hang ha ba kopana, a mo kopa molaleng, a llela ho yena halelele.


Yaba Joabe o fihla ho kgosi, o e bolella tsena. Kgosi ya bitsa Abosalome, mme ha a fihla ho kgosi a itihela fatshe ka sefahleho, kapele ho kgosi, mme kgosi ya mo aka.


Ka hopola Modimo, ka fehelwa, ka nahana, moya wa ka wa sarelwa.


Jwale Morena a re ho Arone: “Tsamaya, o yo kgahlanyetsa Moshe lehwatateng.” Arone a tsamaya, a teana le Moshe thabeng ya Modimo, a mo aka.


A tsamaya, a ya ho ntatae. “Yare a sa le hole ntatae a mmona, a mo utlwela bohloko, a matha, a mo kopa ka molala, a mo aka.


Ha eba le seboko se seholo ho bohle, ba kopa Paulosi ka molala, mme ba mo aka.


Ba boela ba lla. Orepa a aka matsalae, a kgutlela ha habo, empa Ruthe yena a imamarela ka yena.


Morena a ke a nee e mong le e mong wa lona monna le lelapa le tla ba le kgotso.” Yaba Naomi o a ba aka, empa bona ba lla haholo.


Samuele a nka lenaka la ole, a e tshela hloohong ya Saule, a mo aka, a re: “Morena o o tlotsa ka ole hore o be kgosi ya setjhaba sa hae. O tla busa setjhaba sa hae, e leng Baiseraele, mme o se namolele ho dira tsa sona tse se potapotileng. Hona e tla ba pontsho ya hore Morena o o tlotsitse ho ba kgosi ya setjhaba sa hae.


Hoba moshanyana a tsamaye, Davida a ema, a tloha kamora qubu ya majwe, a itihela fatshe ka sefahleho, a obama kapele ho Jonathane hararo. Bo-Jonathane le Davida ba akana, ba llelana, ho fihlela sello sa Davida se feta sa Jonathane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ