Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 44:29 - BIBELE

29 Jwale ha le ka nka le enwa, a tloha ho nna, mme a hlahelwa ke kotsi, le tla theolela moriri wa ka o moputswa Nqalong ya Bafu ka maswabi.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ekare ha le ka tlosa le enwa ho nna, mme a hlahelwa ke kotsi, le tla theosetsa moriri wa ka o moputswa nqalong ya bafu ka bohloko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 44:29
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba hae bohle, le baradi ba hae bohle, ba ema ka maoto ho mo tshedisa, empa a se ke a tshediseha, a mpa a re: “Ke tla theohela Nqalong ya Bafu, ho mora wa ka, ke ntse ke lla.” Kahoo ntatae a mo llela.


Ntata bona Jakobo a re ho bona: “Le nkamohile bana; Josefa o shwele, Simeone ha a yo, jwale le tlilo nkamoha Benjamine. Tsena tsohle di a ntuba.”


Jakobo a re: “Mora wa ka a ke ke a theoha le lona; moholwane wa hae o shwele, mme ke yena feela ya setseng. Haeba a ka hlahelwa ke kotsi leetong lena la lona, le tla theolela moriri wa ka o moputswa Nqalong ya Bafu ka maswabi.”


Empa Jakobo a se ke a romela Benjamine, ngwanabo Josefa, hore a theohe le bana babo, hobane a ne a re: “Mohlomong a ka tshoha a hlahelwa ke kotsi.”


Modimo ya matla wohle a ke a le fumantshe mohau ho monna eo, e le hore a tle a kgutlise ngwanabo lona e mong, esita le yena Benjamine, empa haeba nna ke amohuwa bana, ke hle ke ba amohuwe.”


ha a bona hore ha a yo, o tla shwa, mme rona e tla ba re theoletse moriri o moputswa wa mohlanka wa hao, ntata rona, Nqalong ya Bafu ka maswabi.


Mohlang hoo ho etsahalang, ke tla se halefela haholo, ke se furalle, ke se patele sefahleho sa ka. Se tla timela, se hlahelwe ke bomadimabe bo tshabebang le ditsietsi tse ngata. Mohlang oo se tla re: ‘Na hase hobane Modimo wa rona a le siyo kahara rona, ha e le moo re hlahelwa ke bomadimabe boo?’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ