Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 43:30 - BIBELE

30 Josefa a phakisa a tloha, kaha maikutlo a hae a ne a tshwenyehile ka baka la ngwanabo, a batla moo a ka llelang teng; yaba o kena ka kamoreng e kahare, o llela kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Josefa a phakisa a tloha, hobane pelo ya hae e ne e hlomohela moenae, mme a batla moo a ka llelang teng; a kena tlung e kahare, a llela teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 43:30
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Josefa, o a ba furalla, o a lla. A boela a retelehela ho bona, a buisana le bona, yaba o nka Simeone, o mo tlama ba ntse ba bona.


Yaba o bokolla, hoo Baegepeta ba bileng ba utlwa, le ba lelapa la Faro ba ba ba utlwela taba eo.


Josefa a pana kariki ya hae, a nyolohela Goshene ho ya teana le ntatae. Hang ha ba kopana, a mo kopa molaleng, a llela ho yena halelele.


Ka baka la motlopotlo wa ho tswala, mosadi eo ngwana ya phelang e neng e le wa hae a bua, a re ho kgosi: “Oho, monga ka, mpe o nee mosadi enwa ngwana enwa ya phelang, o se ke wa mmolaya.” Empa mosadi wa bobedi yena a re: “E se be wa ka kapa wa hao! A hle a kgekgethwe!”


Na ebe Efraime ke mora ka eo ke mo ratang? Na ebe ke yena ngwana ka ya nkgahlang? Leha ke ye ke mo nyatse, ke ntse ke mo hopola, pelo ya ka e mo hlolohelwa haholo, ke mo utlwela bohloko haholo,” ho rialo Morena.


“Wena Efraime, nka o lahla jwang? Wena Iseraele, ka neelana ka wena jwang? Nka o timetsa sa Adema jwang? Ka o etsisa Seboime jwang? Pelo ya ka e nkganela ho etsa jwalo, lerato la ka le a hlasimoloha.


ke sebeletsa Morena ka boikokobetso bohle le ka meokgo, le hara meleko e ileng ya ntlhahela ka baka la maraba a Bajuda.


Ka baka leo, fadimehang, le nne le hopole hore, ka lemo tse tharo, ha ke a ka ka phetsa ho eletsa e mong le e mong ka meokgo motsheare le bosiu.


Ha eba le seboko se seholo ho bohle, ba kopa Paulosi ka molala, mme ba mo aka.


Modimo ke paki ya kamoo ke le hlolohetsweng kateng ka lerato le kang la Kreste Jesu.


Haeba ho Kreste le fumana matshediso, le kgothatso e tswang leratong, le phedisano le Moya o Halalelang, le mohau, le kutlwelobohloko,


Kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halaleditsweng, ba ratwang ke yena, ebang le kutlwelobohloko, le mosa, le boikokobetso, le bonolo, le boiphapanyo.


Ke hopola meokgo ya hao, mme ke hlolohetswe ho o bona, e le hore ke tle ke be le thabo a kgaphatsehang.


Ha motho a ena le maruo a lefatshe lena, mme a bona ngwanabo a hloka, empa a mo thatafaletsa pelo ya hae, lerato la Modimo le ka ba teng jwang pelong ya hae?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ