Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 43:18 - BIBELE

18 Banna bao ba tshoha, hobane ba ne ba isitswe tlung ya Josefa, mme ba re: “Ke ka baka la tjhelete e neng e busetswe ka mekotleng ya rona ka lekgetlo la pele, re tlisitsweng mona, hore a tle a re lohele mano, a re tshware, a re etse makgoba a hae, a nke le ditonki tsa rona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Yaba banna bao ba tshoha, ha ba iswa tlung ya Josefa, ba re: Ke ka baka la tjhelete tse kgutliseditsweng mekotleng ya rona mohlang oo re iswang teng, re tle re tsekiswe, a re tsohele matla, a re tshware rona le diesele tsa rona, a re etse makgoba a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 43:18
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale ba buisana tjena: “Ruri re molato ka baka la ngwanabo rona, eo leha re ne re bona mahlomola a moya wa hae ha a re rapela, re sa kang ra mamela; ke ka hona mahlomola ana a re hlahetseng.”


Moo ba robaleditseng teng, ha e mong wa bona a qhaqholla mokotla wa hae, ho fepa tonki ya hae, a fumana tjhelete ya hae e le teng ka molomong wa mokotla wa hae.


Yaba o re ho bana babo: “Tjhelete ya ka e kgutlisitswe; ke ena ka mokotleng wa ka!” Ba sehwa ke letswalo, mme ba buisana ba tshohile, ba re: “Ke eng ee, eo Modimo a e entseng ho rona?”


Ha ba tsholla mekotla ya bona, bonang, e mong le e mong a fumana sephuthelwana sa tjhelete ya hae ka mokotleng wa hae; taba ena ya ba tshosa mmoho le ntata bona.


Monna eo a etsa kamoo Josefa a boletseng kateng, a isa banna bao tlung ya Josefa.


Jwale ba atamela mookamedi wa lelapa la Josefa, ba bua le yena a le monyako wa ntlo,


Bona hle, tjhelete eo re e fumaneng ka melomong ya mekotla ya rona ha re le Kanana, re o kgutliseditse yona. Jwale re ka utswa jwang silefera kapa kgauta tlung ya morena hao?


Tsebe tsa hae di tlala medumo e tshosang, haeka tsohle di ya hantle batupi ba mo hlasele.


Ba kena jwalokaha eka rako le wele, ba subuhlellana hara masupi!


Na baa bohle ha ba na tsebo, baa ba etsang tse sa lokang baa ba itjellang setjhaba sa ka, jwalokaha ba eja bohobe, ba sa ipiletse ho Modimo?


Ha ke ntse ke nahanahana, ke nahana hore ke utlwisise tsena, ka fumana e le ntho e thata,


Ha bolellwa ba ntlo ya Davida, ha thwe: “Baarame ba se ba fihlile naheng ya ba morabe wa Efraime.” Akase le setjhaba sa hae ba tshoha haholo, ba thothomela sa difate di tsukutlwa ke moya.


Yaba baokamedi le mahosana ba batla leqheka leo ba ka qosang Daniele ka lona, malebana le kamoo a busang kateng, empa ba sitwa ho fumana leqheka kapa wona molato. Kaha a ne a tshepahala, ha ba a ka ba fumana phoso kapa molato ho yena.


Empa Heroda ha a utlwa, a re: “Johanne eo ke mo kgaotseng hlooho, o tsohile bafung.”


Ka taelo eo sebe se ile sa fumana monyetla wa ho hlahisa ka ho nna ditakatso tsa mefuta yohle, hobane ha molao o le siyo, sebe se shwele.


ebe o mo qosa ka tseo e seng nnete, o mmua hampe, o re: ‘Ke ile ka nyala mosadi enwa, empa ha ke qala ho robala le yena ke ile ka fumana e se e se morwetsana;’


Jwale o mo qosa ka seo e seng nnete, o re: Ke fumane moradi wa hao e se e se morwetsana. Empa bopaki ba hore moradi wa ka ke morwetsana ke bona!’ Ba tla ala lesela kapele ho baholo ba motse.


Manowa a re ho mosadi wa hae: “Ruri re tla shwa, hobane re bone Modimo.”


Empa batswadi ba hae ba ne ba sa tsebe hore hona ho tswa ho Modimo, hobane a ne a batla monyetla wa ho lwantsha Bafilesita. Ka yona nako eo Bafilesita ba ne ba busa Baiseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ