Ha Josefa a bona Benjamine a ena le bona, a re ho mookamedi wa lelapa la hae: “Isa banna bana lapeng ha ka. O hlabe phoofolo, o e phehe, hobane ke tla ja dijo tsa motsheare le bona.”
Banna bao ba tshoha, hobane ba ne ba isitswe tlung ya Josefa, mme ba re: “Ke ka baka la tjhelete e neng e busetswe ka mekotleng ya rona ka lekgetlo la pele, re tlisitsweng mona, hore a tle a re lohele mano, a re tshware, a re etse makgoba a hae, a nke le ditonki tsa rona.”