Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 42:24 - BIBELE

24 Yaba Josefa, o a ba furalla, o a lla. A boela a retelehela ho bona, a buisana le bona, yaba o nka Simeone, o mo tlama ba ntse ba bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Josefa a ba tlohela, a ya lla. Yaba o boela a kgutlela ho bona, a bua le bona, a kgetha Simeone ho bona, a mo tlama pela bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 42:24
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka letsatsi la boraro, ha batho bana ba ntse ba petla, bara ba babedi ba Jakobo, Simeone le Levi, dikgaitsedi tsa Dina, ba nka disabole tsa bona, ba futuhela motse lesumatha, ba bolaya bohle ba batona.


Ba ne ba sa tsebe hore Josefa o a ba utlwa, kaha a ne a bua le bona ka mofetoledi.


Modimo ya matla wohle a ke a le fumantshe mohau ho monna eo, e le hore a tle a kgutlise ngwanabo lona e mong, esita le yena Benjamine, empa haeba nna ke amohuwa bana, ke hle ke ba amohuwe.”


Yena a re: “Kgobang matshwafo; se tshabeng! Modimo wa lona, le Modimo wa ntata lona, ke yena ya le neileng letlotlo leo le ka mekotleng ya lona. Ke ile ka amohela tjhelete ya lona.” Jwale a ba tlisetsa Simeone.


Josefa a phakisa a tloha, kaha maikutlo a hae a ne a tshwenyehile ka baka la ngwanabo, a batla moo a ka llelang teng; yaba o kena ka kamoreng e kahare, o llela kateng.


Josefa a sitwa ho itiisa ha a le kapele ho bohle ba neng ba eme pela hae, mme a phahamisa lentswe, a re: “Ntshetsang batho bohle kantle!” Ho ne ho se motho pela hae, ha Josefa a itsebisa bana babo.


Yaba o bokolla, hoo Baegepeta ba bileng ba utlwa, le ba lelapa la Faro ba ba ba utlwela taba eo.


matshwenyeho wohle a bona le yena a mo tshwenya. Hase lengeloi le ba pholositseng, ba pholositswe ke Morena ka seqo, ka lerato le ka mohau wa hae a ba lopolla; ho tloha kgale a ba nka, a ba a ba jara.


Ha a ntse a atamela, a bona motse, a o llela,


Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.


Haeba setho se seng se utlwa bohloko, ditho tse ding tsohle di utlwa bohloko le sona; kapa ha se seng se roriswa, tse ding tsohle di thaba le sona.


Moprista wa rona e Moholo hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona, hobane ke ya ileng a lekwa ka ditsela tsohle jwaloka rona, empa a se ke a etsa sebe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ