Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 41:56 - BIBELE

56 Ha tlala e se e aparetse lefatshe lohle, Josefa a bula disiu tsohle, mme a rekisetsa Baegepeta koro, hobane tlala e ne e le kgolo naheng ya Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

56 Tlala e ne e aparetse naha yohle; yaba Josefa o bula mediko kaofela, a rekisa ho Baegepeta; mme tlala ya nna ya tota lefatsheng la Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 41:56
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tlala ya eba teng naheng eo; yaba Aborame o theohela Egepeta ho ya jakajaka teng, hobane tlala e ne e le kgolo naheng ya Kanana.


Kamorao ho tsona ho tla fihla dilemo tse supileng tsa tlala, mme nala yohle e tla lebalwa naheng ya Egepeta. Tlala ena e tla senya naha ena,


Ba phuthe dijo tsohle tsa dilemo tsena tsa nala tse tlang, ba bokelle koro e be tlasa taolo ya Faro, mme ba e boloke, e tle e be dijo metseng.


Ha naha yohle ya Egepeta e se e lapa, setjhaba sa llela Faro hore a se fe dijo, mme Faro a re ho Baegepeta bohle: “Eyang ho Josefa, le etse seo a le bolellang sona.”


Dinaha tsohle tsa tla Egepeta, ho Josefa, ho reka koro, kaha lefatshe lohle le ne le aparetswe ke tlala ya bojadikata.


Josefa e ne e le mmusi wa naha; e le yena ya rekisetsang batho bohle ba lefatshe koro. Bana babo Josefa le bona ba tla, ba inama, kapele ho yena.


Naheng ya Kanana tlala e ne e le ya bojadikata.


Ha dilemo tse mashome a supileng di fetile, Morena o tla hopola Tire. Jwaloka seotswa sena Tire e tla boela kgwebong ya yona, e sebedisane le mebuso yohle e teng lefatsheng.


Yaba le re ho nna: “Bukeng ena ho ngotswe thohako e tla aparela naha kaofela. Ka lehlakoreng le leng thohako ena e bolela hore leshodu le leng le le leng le tla timetswa, ka ho le leng e bolela hore mang le mang ya hlapanyang ka leshano le yena o tla timetswa.


hobane jwaloka sefi, le tla pitla bohle ba ahileng lefatsheng lohle.


O entse ditjhaba tsohle ka madi a motho a le mong, hore di ahe lefatsheng lohle; a di beela dinako e sa le pele, le meedi ya boaho ba tsona,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ