Genese 41:42 - BIBELE42 Jwale Faro a ntsha lesale la hae la monwana, a le kenya monwaneng wa Josefa; a mo apesa diaparo tse entsweng ka lesela la lene, mme a mo rwesa sekgama sa kgauta molaleng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)42 Yaba Faro o ntsha lesale la hae monwaneng wa hae, a le kenya monwaneng wa Josefa, mme as mo hlopha ka masela a lene a tshesane, a mo rwesa letjekwana la kgauta molaleng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya pele bangodi ba kgosi ba bitswa, ba ngolla balaodi ba kgosi, le babusi ba dinaha tsohle le mahosana a dinaha tsohle, ho ya kamoo Hamane a ileng a laela kateng. Mangolo ana a ngollwa ditjhaba tsohle ka mengolo ya tsona le ka dipuo tsa tsona; a ngolwa lebitsong la kgosi Ahashuerushe, a tiiswa ka tiiso ya lesale la kgosi la monwana.
Kgosi ya howeletsa hore ho bitswe balepi ba dinaledi, le Bakalaitya, le badupi. Ya bua le dinohe tsa Babilona, ya re: “Mang kapa mang ya ka balang mongolo ona, mme a ntlhalosetsa seo o se bolelang, o tla apeswa diaparo tse perese, a rweswe sekgama sa kgauta molaleng, e be mmusi wa boraro pusong ena ya ka.”