Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 41:30 - BIBELE

30 Kamorao ho tsona ho tla fihla dilemo tse supileng tsa tlala, mme nala yohle e tla lebalwa naheng ya Egepeta. Tlala ena e tla senya naha ena,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 mme ho tla hlaha dilemo tse supileng tsa tlala kamora tsona, mme nala kaofela e tla lebalwa lefatsheng la Egepeta, tlala e qete naha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 41:30
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

empa hoba di di kwenye ho ne ho sa bonahale hore di kile tsa di kwenya, hobane di nnile tsa sala di le mpe jwaloka pele. Yaba ke a phaphama.


Dikgomo tse supileng, tse otileng, tse mpe, tse ileng tsa nyoloha kamora tsona, ke dilemo tse supileng; le diqwapi tse supileng, tse manneng, tse phutsisitsweng ke moya wa botjhabela, e tla ba dilemo tse supileng tsa tlala.


mme nala e ke ke ya hlola e tsejwa naheng ena ka baka la tlala e tla latela, hobane e tla ba kgolo haholo.


Josefa a rea letsibolo la hae lebitso la Manase, hobane o ne a re: “Modimo o ntebaditse matshwenyeho a ka wohle, le lelapa lohle la ntate.”


mme dilemo tse supileng tsa tlala tsa qala ho fihla jwalokaha Josefa a ne a boletse. Tlala ya eba teng dinaheng tsohle, empa naheng yohle ya Egepeta dijo di ne di le teng.


Ha tlala e se e aparetse lefatshe lohle, Josefa a bula disiu tsohle, mme a rekisetsa Baegepeta koro, hobane tlala e ne e le kgolo naheng ya Egepeta.


Ho ne ho se dijo lefatsheng lohle, hobane tlala e ne e le ya bojadikata, mme naha ya Egepeta le ya Kanana tsa ba tsa fellwa ke dijo ka baka la tlala.


Gade a fihla ho Davida; hoba a mmolelle a mmotsa, a re: “O ikgethela eng dinthong tsee tse tharo: Sekoboto ka dilemo tse supileng naheng ya hao; ho baleha o phaladiswa ke dira tsa hao ka kgwedi tse tharo; kapa sewa ka matsatsi a mararo naheng ee ya hao? Inahane, mme o mpolelle karabo eo ke tla e isetsa ya nthomileng.”


Elia, ya neng a ahile Tishebe e Gileade, a re ho Akabe: “Ka Morena Modimo wa Iseraele ya phelang, eo ke mo sebeletsang, ho ke ke ha lala phoka, kapa ha na pula ka dilemo tsena, haese ka taelo ya ka.”


Elisha o ne a ile a laela mosadi eo a neng a ile a tsosa mora wa hae bafung, a re: “Ema, o tsamaye, o falle le ba lelapa la hao, o yo jaka moo o ka jakang teng, hobane Morena o laotse hore tlala e be teng ka dilemo tse supileng.”


Jwale a dihela tlala lefatsheng, dijo tsohle tse ba phedisang a di fedisa;


Ba tloheleng ba nwe, ba lebale bofuma ba bona, mahlomola a bona ba se hlole ba a hopola.


Ya kopang tlhohonolofatso mona lefatsheng, o tla kopa ho hlohonolofatswa ke Modimo wa nnete; ya hlapanyang mona lefatsheng, o tla hlapanya ka Modimo wa nnete, hobane tsietsi tsa pele di tla be di lebetswe, le mahlong a ka di se di patehile.”


“Kannete ke a le bolella, ho ne ho ena le basadi ba bangata ba bahlolohadi Iseraeleng mehleng ya Elia, pula e sa ne ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng, tlala e kgolo e le teng naheng eo yohle.


Elia e ne e le motho jwaloka rona. Empa o kile a rapela ka matla hore pula e se ke ya na, mme ya se ke ya na lefatsheng leo ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ