Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 41:15 - BIBELE

15 Faro a re ho Josefa: “Ke lorile toro, mme ha ho le ya mong ya ka e hlalosang, empa ke utlwile ho thwe wena ha o utlwa toro, o ye o e hlalose.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Faro a re ho Josefa: Ke lorile toro, mme ha ho ya e phuthollang, mme ke utlwile ba o bolela hore, ha o utlwile toro, o a e phutholla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 41:15
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba re ho yena: “Re lorile ditoro, me ha ho ya re hlalosetsang tsona.” Josefa a re ho bona: “Na ditlhaloso hase tsa Modimo? Mpolelleng ditoro tseo, ke a le kopa.”


Hoseng a tsoha moya wa hae o tshwenyehile; a re ho latwe dinohe tsohle tsa Egepeta, le bahlalefi bohle ba hona teng. Faro a ba phetela toro ya hae, empa ha se ke ha eba le ya mong ya ka mo hlalosetsang yona.


Mehleng ya Sekariya, ya neng a ena le kutlwisiso ya dipono tsa Modimo, Usiya a phetha thato ya Modimo. Ka nako yohle ha a ntse a phetha thato ya Morena, Modimo o ile a mo atlehisa.


Morena ke motswalle wa ba mo tshabang, o ba tsebisa selekane sa hae.


Kgosi ya re ho bona: “Ke lorile toro, mme moya wa ka o hlorela ho tseba seo e se bolelang.”


“Ena ke toro eo nna kgosi Nebukadenesare, ke ileng ka e lora. Jwale wena Beleteshasare, ntlhalosetse yona, hobane bahlalefi bohle ba mmuso wa ka ba hlotswe ho ntlhalosetsa yona. Empa wena o ka etsa jwalo, hobane moya wa medimo e halalelang o teng ka ho wena.”


“Wena Beleteshasare, mookamedi wa dinohe, ke tseba hore moya wa medimo e halalelang o ka ho wena, mme ha ho sephiri se ka o sitang. Toro ya ka ke ena; ako ntlhalosetse yona.


Daniele yena enwa, eo kgosi e ileng ya mo rea lebitso la Beleteshasare, o ile a ipaka hore o na le moya o motle, le tsebo, le kutlwisiso ya ho hlalosa ditoro, le ho hlalosa dilotho, le ho araba dipotso tse thata. Ere Daniele a bitswe, mme o tla o hlalosetsa hore na hona ho bolelang.”


Ke utlwile ho thwe moya wa medimo o teng ka ho wena, le hore o na le kelello e tjhatsi, le kutlwisiso, le bohlale bo hlollang.


Ke utlwile hore o tseba ho etsa ditlhaloso, le ho araba dipotso tse thata. Jwale, haeba o ka bala mongolo ona, wa ba wa ntlhalosetsa seo o se bolelang, o tla apeswa diaparo tse perese, o rweswe sekgama sa kgauta molaleng, mme o be mmusi wa boraro pusong ena ya ka.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ