Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 40:19 - BIBELE

19 Kamora matsatsi a mararo, Faro o tla o ntsha tjhankaneng, a o kgaole hlooho, a o leketlise sefateng, mme dinonyana di tla ja nama ya hao.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 ho sa tla feta matsatsi a mararo, Faro o tla o tlosa hlooho, a o fanyehe sefateng; mme dinonyana di tla ja nama ya hao e ho wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 40:19
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamora matsatsi a mararo Faro o tla o ntsha tjhankaneng, a o busetse mosebetsing wa hao, mme o tla nea Faro senwelo sa hae letsohong jwaloka pele, ha o ne o le moqhatsetsi wa hae.


serotong se kahodimodimo ho ne ho ena le mefuta yohle ya dijo tseo ke di apehetseng Faro, empa dinonyana di ne di di ja, di di ntsha ka serotong se hloohong ya ka.”


Josefa a arabela, a re: “Tlhaloso ya yona ke ena: diroto tse tharo ke matsatsi a mararo.


Jwale ka letsatsi la boraro, leo e neng e le letsatsi la tswalo ya Faro, Faro a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete. A ntsha moqhatsetsi e moholo le moapehi e moholo tjhankaneng, moo bahlanka ba hae ba ntseng ba bona.


empa Faro a fanyeha moapehi e moholo jwalokaha Josefa a ne a ba hlaloseditse.


Jwalokaha a ile a re hlalosetsa, ho ile ha etsahala jwalo; nna ke ile ka kgutlisetswa mosebetsing wa ka, mme moapehi yena o ile a fanyehwa.”


Jwale Risepa, moradi wa Aya, a nka mokotla, a ikalla wona hodima lefika, ho tloha qalong ya kotulo, ho fihlela ha dipula di ena. Motsheare a tshosa dinonyana tse fofang hore di se ke tsa dula hodima ditopo tseo, mme bosiu a leleka dibatana tsa naha.


Re nee banna ba supileng, bao e leng bara ba hae, re tle re ba fanyehele Morena, re le Gibea ya Saule, mokgethwa wa Morena.” Kgosi ya re: “Ke tla neelana ka bona.”


“Leihlo le tshehang ntata lona, le nyedisang taelo ya mma lona, makgwaba a dikgohlo a tla le honya, mme madinyane a ntsu a le je.


Wena Gogo le mabotho a hao, le ditjhaba tse emeng le wena, le tla bolaelwa hodima dithaba tsa Iseraele, ditopo tsa lona di jewe ke dinonyana tse jang dififi, le ke dibatana tsa naha.


hobane ha ke a ka ka tshaba letho, ke le phatlalleditse thato yohle ya Modimo.


Kreste o re lopolotse thohakong ya Molao, ka hore a fetohe ya rohakehileng ka baka la rona, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Mang le mang ya fanyehilweng sefateng o rohakehile.”


Kamora tsena Joshua a otla dikgosi tseo, a di bolaya, a di leketlisa difateng tse hlano. Ditopo tsa tsona tsa leketla difateng moo ho fihlela mantsiboya.


A fanyeha kgosi ya Ai sefateng, setopo sa yona sa tlohelwa moo ho fihlela mantsiboya. Ha letsatsi le dikela Joshua a laela hore setopo se fanyollwe sefateng. Ba se lahlela monyakong wa kgoro e kenang ka motseng, ba se kwahela ka qubu ya majwe. Qubu eo e ntse e le teng le kajeno-ya-bokajeno.


a re ho Davida: “Tloo kwano, ke tswe ke fepa dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha ka nama ya hao!”


Kajeno lena Modimo o tla neelana ka wena matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke be ke o kgaole hlooho! Ka ditopo tsa mabotho a Bafilesita ke tla fepa dinonyana tsa lehodimo, le dibatana tsa naha, e le hore lefatshe lohle le tle le tsebe hore Modimo o teng Iseraeleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ