Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 40:15 - BIBELE

15 Ruri nna ke utswitswe naheng ya Baheberu, mme le mona ha ke a etsa letho la hore ebe ba nkentse tjhankaneng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Hobane ke utswitswe fatsheng la Baheberu, mme le kwano ha ke a etsa letho leo ba neng ba ka nkenya teronkong ka baka la lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 40:15
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ho fihla selahlamarungwana, mme sa tsebisa Aborame wa Moheberu ditaba. Aborame o ne a ahile difateng tsa eike tsa Mamore wa Moamore, ngwanabo Eshekole le Anere, ba neng ba entse selekane le Aborame.


Monga Josefa a mo nka, a mo kenya tjhankaneng, sebakeng seo batshwaruwa ba kgosi ba neng ba kwallwa ho sona, mme a ba moo tjhankaneng.


Ha moapehi e moholo a bona hore tlhaloso eo e a thabisa, le yena a re ho Josefa: “Le nna ke ile ka lora toro. Ke ne ke rwetse diroto tse tharo tsa bohobe;


Mohlankanyana wa Moheberu, eo e neng e le mosebeletsi wa mookamedi wa balebedi ba tjhankana, o ne a ena le rona. Ra mo phetela ditoro tsa rona, mme a re hlalosetsa tsona, a hlalosetsa e mong le e mong ho ya ka toro ya hae.


Ba mo hlokofatsa ka ho mo tlama maoto ka ditshepe, ba mmofa ka mahlaahlela,


hobane ba kgopo le ba leshano ba ahlamisitse melomo ho ntwantsha. Ba bua le nna ka maleme a thetsang,


“Motho ya utswang motho e mong, ebang o a mo rekisa; kapa o fumanwa a sa le matsohong a hae, ruri eo o tla bolawa.


Modimo wa ka o ile a romela lengeloi la hae hore le thibe melomo ya ditau, di se ke tsa nketsa letho, hobane o fumane ke se na molato, mme le wena kgosi, ha ke eso o etsetse bobe ba letho.”


Jesu a re ho bona: “Ke le bontshitse mesebetsi e mengata, e molemo, e tswang ho Ntate; le ntlepeletsa mosebetsi ofe wa yona?”


Empa lentswe le ngotsweng Molaong wa bona, le reng: ‘Ba ntlhoile ntle ho lebaka,’ le tshwanetse ho phethahala.


“Ha motho a fumanwa a utswa e mong wa bana babo, eo e leng wa bana ba Iseraele, a mo etsa lekgoba, kapa a mo rekisa, leshodu leo le tla bolawa, mme ebe o fedisa jwalo bokgopo hara lona.


dihlola, ba janang maotwana, ba rekisang makgoba, ba leshano, ba ikanang ka leshano, le bohle ba etsang eng kapa eng e fapaneng le thuto ya nnete.


Hape ako bone, ntate: Bona qola ya seaparo sa hao ke ena ka letsohong la ka. Ke ile ka seha qola ya seaparo sa hao, empa ha ke a ka ka o bolaya. Bona he, o be o tsebe hore ha ke a o rerela bobe, kapa ho o fetohela. Ha ke a o sitelwa, empa wena o ntse o laletse hore o mpolaye.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ