Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 40:13 - BIBELE

13 Kamora matsatsi a mararo Faro o tla o ntsha tjhankaneng, a o busetse mosebetsing wa hao, mme o tla nea Faro senwelo sa hae letsohong jwaloka pele, ha o ne o le moqhatsetsi wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 ho sa tla feta matsatsi a mararo, Faro a ntoo emisa hlooho ya hao, a o busetsa kabelong ya hao, mme o tla neela Faro senwelo letsohong la hae ka mokgwa wa pele, ha o ne o sa le moqhatsetsi wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 40:13
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha tsena di se di fetile, moqhatsetsi wa kgosi ya Egepeta le moapehi wa yona ba kgopisa morena wa bona, kgosi ya Egepeta.


Josefa a re ho yena: “Tlhaloso ya yona ke ena: Makala a mararo ke matsatsi a mararo.


Feela o nne o nkgopole ha o se o lokolohile. Ke a o kopa, o ntswele molemo, o bue ka nna ho Faro, o nntshe tlung ena.


Kamora matsatsi a supileng, ho tloha jwale, ke tla nesetsa lefatshe pula ka matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, mme ke tla fedisa tsohle tse phelang lefatsheng, tseo ke di entseng.”


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, selemong sa mashome a mararo a metso e supileng sa ho kenngwa tjhankaneng ha Jehoyakine, kgosi ya Juda, Efile-Merodake, kgosi ya Babilona, a qala ho busa. A hauhela Jehoyakine, kgosi ya Juda, a mo lokolla tjhankaneng.


ba bangata ba buang ka nna, ba re: “Modimo ha a na ho mo pholosa.”


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mehlano, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, selemong sa mashome a mararo a metso e supileng, sa ho kenngwa tjhankaneng ha Jehoyakine, kgosi ya Juda, Efile-Merodake, kgosi ya Babilona, a qala ho busa. A hauhela Jehoyakine, kgosi ya Juda, a mo lokolla tjhankaneng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ