Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 39:14 - BIBELE

14 a howeletsa bahlanka ba lelapa la hae, a re ho bona: “Bonang, Potifaro o re tliseditse Moheberu ho tla re hlompholla! O kene ka ho nna ka mona ho tla robala le nna, yaba ke howeletsa ka lentswe le phahameng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 a bitsa batho ba ntlo ya hae, a ba bolella, a re: Bonang, ho tlisitswe monna wa Moheberu ho rona ho bapala ka rona. O tlile ho nna, a re, o robala le nna, mme ka hoeletsa ka lentswe le leholo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 39:14
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sema, ntata bana bohle ba Ebere, moholwane wa Jafeta, le yena a tswallwa bana.


Yaba ho fihla selahlamarungwana, mme sa tsebisa Aborame wa Moheberu ditaba. Aborame o ne a ahile difateng tsa eike tsa Mamore wa Moamore, ngwanabo Eshekole le Anere, ba neng ba entse selekane le Aborame.


Yare ha mosadi a bona hore o siile seaparo sa hae matsohong a hae, o balehetse kantle,


Ha a utlwa ke phahamisa lentswe, ke howeletsa, a siya seaparo sa hae ho nna, a balehela kantle.”


A mmolella wona mantswe ao, a re: “Mohlanka enwa wa Moheberu, eo o re tliseditseng yena, o ile a kena ka ho nna ho tla mpeta,


Kamora tsena mosadi wa monga hae a lakatsa Josefa, mme a re ho yena: “Robala le nna!”


Ruri nna ke utswitswe naheng ya Baheberu, mme le mona ha ke a etsa letho la hore ebe ba nkentse tjhankaneng.”


Wena ya leleme le thetsang, o tla newa eng, o ekeletswe eng?


Dipaki tse kgopo di eme lepaketla, di mpotsa taba tseo ke sa di tsebeng.


Ako mmamele, o be o nkarabe: Ke tsielehile, ke sisa pelo, ke a fehelwa,


Ya patang lehloyo ke mothetsi, ya sebang ba bang, yena ke sethoto.


“Lona ba tsebang se lokileng, mamelang! Lona tjhaba se tsebang molao wa ka, tjhaba seo molao wa ka o leng ka pelong tsa sona: Le se ke la tshaba ha batho ba le nyefola, kapa la tshoswa ke mahlapa a bona.


Ha ho na sebetsa se tla o bolaya, bohle ba o qosang o tla ba hlola ka nyewe. Lena ke lona lefa la bahlanka ba Morena, ke ho loka hoo ke ba neang hona,” ho rialo Morena.


Wena motse o tummeng ka bokgopo, o tletseng meferefere, o tla songwa ke ba haufi le ba hole.


Baprista ba baholo le lekgotla lohle ba batla bopaki ba leshano bo ka tswang Jesu hore ba tle ba mmolaye,


“Le lehlohonolo ha le hlapaolwa, le hloriswa, le etseletswa ka mekgwa yohle ka baka la ka.


La qala ho mo qosa, la re: “Re fumane monna enwa a kgelosa setjhaba sa rona, a thibela ha ho ntshetswa Sesare lekgetho, mme a ipolela hore ke Kreste, Kgosi.”


leha re tlotliswa kapa re tlontlollwa, leha re buuwa hampe kapa re buuwa hantle. Re nkwa re le bathetsi, empa re bua nnete;


Le ka ithorisa jwang ha le mamella dikotlo hobane le entse dibe? Empa ha le mamella mahloko, leha le ntse le etsa tse ntle, hona ho hotle mahlong a Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ