Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 38:29 - BIBELE

29 Empa yare ha a honyetsa letsoho la hae, yaba ngwanabo o a hlaha, mme mmelehisi a re: “Jwale wena o monyohile jwang?” A mo rea lebitso la Perese.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Eitse ha a honyetsa letsoho la hae, ngwanabo a hlaha: yaba mmelehisi o re: O a monyoha jwang? Monyoho ke wa hao. A mo rea lebitso la Peretse (monyoho).

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 38:29
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha a itshihlolla, ngwana e mong a ntsha letsoho, mme mmelehisi wa hae a nka kgwele a kgubedu, a mo tlama letsoho ka yona, a re: “Enwa o hlahile pele.”


Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Perese, le Sera. Ere le Onane ba ile ba shwela naheng ya Kanana. Bara ba Perese e ne e le Heserone le Hamule.


Tamare, ngwetsi ya Juda, a tswalla Juda Perese le Sera. Kaofela bara ba Juda ba ne ba le bahlano.


Utai, mora wa Amihude, setloholo sa Omeri, setloholwana sa Imeri, setlohotloholwana sa Bani ya tswetsweng ke Perese, mora wa Juda.


Ba bang ba morabe wa Juda, le ba morabe wa Benjamine, ba aha Jerusalema. Ho ba morabe wa Juda e ne e le bana: Ataya, mora wa Usiya, Usiya ya tswetsweng ke Sekariya, Sekariya ya tswetsweng ke Amariya, Amariya ya tswetsweng ke Shefatiya, Shefatiya ya tswetsweng ke Mahalalele, wa bara ba Perese,


Ditloholo tsa Perese, tse neng di ahile Jerusalema, e ne e le bahale ba bakgolo a mane le mashome a tsheletseng a metso e robedi.


Bara ba Juda, ho ya ka malapa abo bona, ke Shela, ya tswetseng morabe wa Shela; le Perese, ya tswetseng morabe wa Perese; le Sera, ya tswetseng morabe wa Sera.


Juda a tswala Farese le Sara ka Tamare, Farese a tswala Heserone, Heserone a tswala Arame,


mora wa Aminadabe, mora wa Arame, mora wa Areni, mora wa Heserone, mora wa Farese, mora wa Juda,


Bana bao Morena a tla o fa bona ka mosadi enwa, ba ke ba be jwaloka bana ba Perese, bao Tamare a neng a ba tswalle Juda.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ