Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 37:36 - BIBELE

36 Bamidiane ba rekisa Josefa Egepeta, ho Potifaro, tona ya Faro le mookamedi wa balebedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Bamidiane ba mo rekisa Egepeta ho Potifaro, tona ya Faro, hlooho ya balebedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 37:36
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha bahwebi ba Midiane ba feta, ba hula Josefa, mme ba mo ntsha ka ledumeleng, ba mo rekisa ho Baishemaele ka silefera e kang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi le mashome a mararo, mme bao ba ya le yena Egepeta.


mme a ba bea tlung ya mookamedi wa balebedi, e ka tjhankaneng, moo Josefa a neng a kwaletswe teng.


Mookamedi wa balebedi ba tjhankana a laela Josefa hore a ba sebeletse, a ba fepe, mme ba qeta nako e itseng ba ntse ba kwaletswe.


Mohlankanyana wa Moheberu, eo e neng e le mosebeletsi wa mookamedi wa balebedi ba tjhankana, o ne a ena le rona. Ra mo phetela ditoro tsa rona, mme a re hlalosetsa tsona, a hlalosetsa e mong le e mong ho ya ka toro ya hae.


Ka letsatsi la bosupa la kgwedi ya bohlano, e leng ka selemo sa leshome le metso e robong sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, e leng mohlanka wa kgosi ya Babilona, a tla Jerusalema.


Ka letsatsi la bosupa, ha kgosi e thabisitswe ke ho nwa veine, ya bitsa Mehumane, le Biseta, le Harebona, le Bigita, le Abakata, le Setare, le Karakase, e leng mahaole a supileng a neng a sebeletsa kgosi.


yaba o romela monna e le selelekela: Josefa a rekiswa ho ba lekgoba.


“Se dumelle moditjhaba ya ikabetseng Morena hore a re: ‘Morena o tla nkgetholla tjhabeng sa hae ho hang!’ Se dumelle lehaole ho ipelaetsa, le re: ‘Nna ke sefate se omeletseng!’ ”


Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, a ba isa Babilona hammoho le ba neng ba ile ba ineela ho yena, le masalla wohle a setjhaba.


Yaba Daniele o araba ka bohlale le ka kelello, o bua le Arioke, molaodi wa balebedi ba kgosi, ya neng a tswile ho ya bolaya bahlalefi ba Babilona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ