Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 37:33 - BIBELE

33 Iseraele a se tseba, mme a re: “Ke seaparo sa mora wa ka! Sebatana se mo jele; ruri Josefa o tsekolotswe ke sebatana.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 A se tseba, a re: Seaparo sa mora ka! Selalome se mo jele; jo! Josefa o harotswe, o harotswe!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 37:33
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tloong jwale, re mmolayeng, re mo akgeleng ka ho le leng la madumela. Re tla re sebatana se mo jele, mme re tla bona hore na ditoro tsa hae di tla fella kae.”


Ba romela seaparo seo se fihlang matsohong le maotong, sa iswa ho ntata bona, mme ba re: “Re fumane ntho ena; ako bone hore na ke seaparo sa mora wa hao, kapa tjhe.”


Jakobo a re: “Mora wa ka a ke ke a theoha le lona; moholwane wa hae o shwele, mme ke yena feela ya setseng. Haeba a ka hlahelwa ke kotsi leetong lena la lona, le tla theolela moriri wa ka o moputswa Nqalong ya Bafu ka maswabi.”


Yaba re re ho morena ka: ‘Ntata rona o teng, o se a hodile; le moena rona o teng, ngwana ya fumanetsweng boqhekung. Moholwane wa hae o ne a shwe; ho bana ba mmae ke yena feela ya setseng, mme ntatae o mo rata haholo.’


E mong o ntshiile, mme ka re: ruri o tsekolotswe ke dibatana, mme ha ke eso mmone ho fihlela jwale.


Iseraele a re ho Josefa: “Ke ne ke sa hopole hore nka hlola ke bona sefahleho sa hao, empa bona, ke mona Modimo o mpontshitse le bona bana ba hao.”


Ha moporofeta eo a ntse a tsamaya, a kopana le tau tseleng, mme ya mmolaya. Setopo sa hae sa rapalla kahara tsela, tonki ya ema pela sona, le tau ya ema pela sona.


A reteleha, a ba tadima, a ba rohaka ka lebitso la Morena. Dibere tse pedi tse tshehadi, tsa tswa morung, tsa harola ba mashome a mane a metso e mmedi ba bashanyana bao.


Kamehla ya se nang tsebo ke tumelakgweela, empa ya bohlale eka kgona a ikgodise.


Jesu a araba, a re ho yena: “Seo ke se etsang ha o se tsebe hajwale, empa o tla se utlwisisa hamorao.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ