Tloong jwale, re mmolayeng, re mo akgeleng ka ho le leng la madumela. Re tla re sebatana se mo jele, mme re tla bona hore na ditoro tsa hae di tla fella kae.”
Yaba ba re: “Rona, bahlanka ba hao, re leshome le metso e mmedi, re bara ba motho, naheng ya Kanana. Bona, hona jwale wa ho fela o setse le ntata rona, athe e mong o se a shwele.”
Morena o bua tjena: “Mohoo o utlwahetse Rama, seboko le sello sa mmokotsane; Ragele o llela bana ba hae, Ragele o hana ho tshediseha, hobane bana ba hae ha ba sa le yo.”