Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 37:28 - BIBELE

28 Yare ha bahwebi ba Midiane ba feta, ba hula Josefa, mme ba mo ntsha ka ledumeleng, ba mo rekisa ho Baishemaele ka silefera e kang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi le mashome a mararo, mme bao ba ya le yena Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Yare ha ho feta bahwebi bao ba Midiane, ba nyolla Josefa, ba mo ntsha lemeneng, ba mo rekisa ho baishmale ka ditjhelete tse mashome a mabedi; mme ba ikela Egepeta le Josefa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 37:28
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mosadi enwa a mo tswalla Simerane, le Jokoshane, le Medane, le Midiane, le Jishebaka, le Shua.


Jwale ba dula fatshe, ba eja. Yare ha ba phahamisa mahlo ba bona mokoloko wa Baishemaele ba tswang Gileade, ba le leetong, ba ya Egepeta, dikamele tsa bona di belesitswe boroku, le ditlolo, le mmira.


Bamidiane ba rekisa Josefa Egepeta, ho Potifaro, tona ya Faro le mookamedi wa balebedi.


Josefa a theolelwa Egepeta. Potifaro, tona ya Faro le mookamedi wa balebedi, monna wa Moegepeta, a mo reka ho Baishemaele ba neng ba mo tlisitse moo.


Ruri nna ke utswitswe naheng ya Baheberu, mme le mona ha ke a etsa letho la hore ebe ba nkentse tjhankaneng.”


Ha bana babo Josefa ba bona hore ntata bona o shwele, ba re: “Mohlomong Josefa o tla re hloya, a phetetse bobe bohle boo re neng re bo etse ho yena.”


yaba o romela monna e le selelekela: Josefa a rekiswa ho ba lekgoba.


le ba Asiria ba ikopantse le bona; ba thusana le bana ba Lota.


Jwale moprista wa Midiane o ne a ena le baradi ba supileng. Yaba ba a tla, ba kga metsi, ba tlatsa senwello, ba nwesa mehlape ya ntata bona.


“Motho ya utswang motho e mong, ebang o a mo rekisa; kapa o fumanwa a sa le matsohong a hae, ruri eo o tla bolawa.


“Boiyane ba dikamele bo tla putukana ho wena, mekoloko ya dikamele e tswang Midiane le Efa; Basheba bohle ba tla tlisa kgauta le mokubetso, ba bine thoko tsa Morena, ba mo tumise.


Yaba ba hula Jeremia ka mehala, ba mo nyolla ka mokoting. Jeremia a boela a dula lebaleng la tjhankana hape.


Haeba e le moshanyana ya dilemo di hlano ho isa ho tse mashome a mabedi, yena tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi, mme ha e le ngwanana e be silefera e etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome.


Lebitso la mosadi wa Momidiane, ya ileng a bolawa, e ne e le Kosebi, moradi wa Sure, kgosana ya ntlo e nngwe ya Moabe wa Bamidiane.


o re: “Le tla mphang, ke tle ke le neele yena?” Ba mo lefa ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo.


Yaba ho phethahala ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re: “Ba nka ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo; theko ya ya ileng a beelwa theko, eo ba bang ba bana ba Iseraele ba ileng ba mmeela theko,


“Baholoholo ba honohela Josefa, ba mo rekisa Egepeta, empa Modimo o ne a ena le yena,


Jwale banna ba Iseraele ba re ho Gideone: “Re buse, wena le mora wa hao, le setloholo sa hao, hobane o re namoletse matsohong a Bamidiane.”


Gideone a boela a re ho bona: “Ke etsa kopo ho lona ya ho re e mong le e mong wa lona a ke a nnee masale ao a a hapileng.” Dira tsa bona di ne di ena le masale a entsweng ka kgauta, hobane e ne e le Baishemaele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ