Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 37:18 - BIBELE

18 Ba mmona a sa le hole, mme yare a eso atamele ho bona ba rera ho mmolaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Yare ha ba mmona a sa le hole, a eso ho atamele, ba mo rera ho mmolaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 37:18
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Esau a hloya Jakobo ka baka la tlhohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona. Esau a re ka pelong ya hae: “Matsatsi a bofifi ba ntate a atametse, mme ke tla bolaya Jakobo, moena wa ka.”


Ba buisana, ba re: “Raditoro ke eo a etla.


Ha bana babo Josefa ba bona hore ntata bona o shwele, ba re: “Mohlomong Josefa o tla re hloya, a phetetse bobe bohle boo re neng re bo etse ho yena.”


Ke nnete, lona le ne le ntheretse bokgopo, empa Modimo o ile a bo fetola molemo, e le hore a tle a etse jwalokaha a entse kajeno, a pholose setjhaba se sengata.


A fetola pelo tsa tsona, tsa hloya tjhaba sa hae, tsa sebetsa bahlanka ba hae ka bolotsana.


Ba mpuseletsa lerato la ka, ba mpuseletsa lona ka ho nqosa, leha ke ntse ke ba rapella.


Ha ke sa hopolwa; jwalokaha eka ke mofu, ke tshwana le ntho e lahlilweng.


Ke utlwa ditshebo tsa ba bangata, ke tshoswa ka nqa tsohle; batho ba nkunuta ba le mmoho, ba rera ho fedisa bophelo ba ka.


Ya kgopo o rera ya lokileng, o mo tsikitlanyetsa meno;


Ya kgopo o laletse ya lokileng, o batla ho mmolaya.


Ba ikopanya mmoho ho fedisa bophelo ba ya lokileng, ba ahlolela ya se nang molato lefu.


“Empa ha balemi ba bona mora, ba buisana, ba re: ‘Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, re tle re je lefa la hae!’


E sa le kameso, baprista le baholo bohle ba setjhaba ba rera ho bolaya Jesu.


“Empa balemi bao ba buisana, ba re: ‘Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, lefa e tle e be la rona.’


Ho ne ho setse matsatsi a mabedi pele ho Paseka le mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka mano, ba tle ba mmolaye,


Ho tloha ka letsatsi leo ba rera ho mmolaya.


Yare ha bo esa, Bajuda ba etsa mmomori, mme ba ikana hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa letho, ba eso bolaye Paulosi.


Saule a bolella Jonathane, mora wa hae, le bahlanka ba hae bohle, hore ba bolaye Davida. Empa Jonathane, mora wa Saule, o ne a rata Davida haholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ