Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 37:15 - BIBELE

15 Monna e mong a mo fumana a ntse a lelera hara naha, mme monna eo a mmotsa, a re: “O batlang?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Motho a mo fumana, a bona a ntse a phaila naheng, mme motho eo a mmotsa, a re: O batlang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 37:15
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Aborahama o tsoha ka madungwadungwana, o nka bohobe, le lekuka la metsi; o di nea Hagare ka ho di bea hodima lehetla la hae, a mo leleka mmoho le moshanyana. Yena a tsamaya, a nna a lelera lehwatateng la Beeresheba.


Yaba Iseraele o re ho yena: “Ako ye, o yo bona hore na bana beno ba ntse ba phela hantle, le mohlape na, mme o kgutle o tlo mpolella.” Ha a mo roma ba ne ba le kgohlong ya Heborone. Josefa a tsamaya, a ya fihla Shekeme.


Josefa a re: “Ke batla bana beso; ako mpolelle hle, moo ba aloseditseng teng.”


Yaba Elisha o re ho bona: “Tsela ena hase yona, le motse ona hase oona. Ntateleng, mme ke tla le isa ho motho eo le mmatlang.” Empa a ba isa Samaria.


Jesu ha a reteleha, mme a ba bona ba mo latetse, a re ho bona: “Le batlang?” Ba re ho yena: “Rabbi,” ke ho re: Moruti: “o dula kae?”


Jesu, ka ho tseba tsohle tse mo tlelang, a ya ho bona, mme a re: “Le batla mang?”


A ba botsa hape, a re: “Le batla mang?” Ba re: “Jesu wa Nasaretha.”


Jesu a re ho yena: “Mosadi, o llelang? O batla mang?” Yena, ka ho hopola hore ke molemi wa serapa, a re ho yena: “Monghadi, haeba ke wena ya mo tlositseng, mpolelle moo o mmeileng teng, mme ke tla ya mo nka.”


Ka nako eo barutuwa ba hae ba fihla, mme ba makala ha a bua le mosadi, leha empa ho ne ho se ya reng: “O batla eng, kapa o buelang le yena?”


Yare ha Barake a ntse a phaladisa Sisera, Jaele a ya mo kgahlanyetsa, a re ho yena: “Tloo, ke tla o bontsha motho eo o ntseng o mmatla.” Barake a kena ka tenteng ya Jaele, mme a bona Sisera a tjapaletse fatshe, a se a shwele, thakgisa e kene tlhafunelong ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ