Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 37:13 - BIBELE

13 Iseraele a re ho Josefa: “Ha ke re bana beno ba aloseditse Shekeme? Tloo, ke o rome ho bona.” Josefa a re ho yena: “E, ho lokile.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba Iseraele o re ho Josefa: Ha ke re, banabeno ba alositse Sikeme? Tloo, ke o romele ho bona. A re ho yena: Ke nna enwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 37:13
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hoba tsena di fete, Modimo a leka Aborahama, a re ho yena: “Aborahama!” Yena a re: “Ke nna enwa.”


Empa lengeloi la Morena la howeletsa le le lehodimong, la re: “Aborahama! Aborahama!” Yaba o re: “Ke nna enwa.”


Yare ha Isaka a se a tsofetse, mahlo a hae a se a fokola, hoo a neng a se a sa bone, a bitsa Esau, mora wa hae wa matsibolo, mme a re ho yena. “Ngwana ka!” Yena a arabela, a re: “Ke nna enwa.”


Yaba Jakobo o ya ho ntatae, o fihla, a re: “Ntate!” Yena a arabela, a re: “Ke nna enwa! O mang, ngwana ka?”


Jakobo a fihla ka kgotso motseng wa Shekeme, naheng ya Kanana, a etswa Padane-Arame; a hloma ditente tsa hae pela motse oo.


Yaba bana babo ba ya Shekeme ho ya alosa mohlape wa ntata bona.


“Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba.


“Jwale monga tshimo a re: ‘Ke tla etsa jwang? Ke tla roma mora wa ka eo ke mo ratang; mohlomong yena ba tla mo hlompha.’


Yaba Eli o botsa Samuele, o re: “Samuele, ngwanaka!” Samuele a re: “Ke nna enwa.”


Morena a bitsa Samuele kgetlo la boraro. Yaba o a tsoha, o ya ho Eli, o re: “Ke nna enwa; o mpitsitse!” Eli a elellwa hore ke Morena ya bitsang moshanyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ