Yaba Esau o re ho Jakobo: “Ako mphe ntho e kgubedu eno, ntho e kgubedu eno hle, ke je, hobane ke lapile haholo!” Ke ka baka leo a reilweng lebitso la Edomo.
A laela maqosa ao, a re: “Le tle le bue tjena ho morena ka, Esau: ‘Mohlanka wa hao, Jakobo, o bua tjena: Ke ne ke jakile ha Labane, ka dula teng ho fihlela jwale.
Banna ba ka bang makgolo a mahlano, ba morabe ona wa Simeone, ba futuhela Thaba ya Seire ba eteletswe pele ke Pelatiya, le Neareya, le Refaya, le Usiele, bara ba Ishi.
“Ha bana ba Iseraele ba ne ba etswa Egepeta, o ne o ba laele hore ba se ke ba futuhela Baamone, le Bamoabe, le ditjhaba tse tswang thabeng ya Seire, mme ba fela ba ba kwekwetla, ba se ke ba ba timetsa.
Baamone, le Bamoabe, ba fetohela baahi ba tswang thabeng ya Seire, ba ba bolaya, ba ba timetsa ho hang. Hoba ba timetse baahi ba Seire, Baamone le Bamoabe ba bolayana ka bobona.
Eitse ha Bajuda bohle ba neng ba le naheng ya Moabe, le ba phelang hara Baamone le Edomo, le ba neng ba phela dinaheng tse ding tsohle, ba utlwa hore kgosi ya Babilona e siile masalla a Juda, le hore e kgethile Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore e be mmusi wa bona,
Ena ke pono ya Obadiya. Morena Modimo o bua tjena ka Edomo: Re utlwile molaetsa o tswang ho Morena, leqosa le rometswe ho baditjhaba, le re: “Emang, re futuheleng Edomo!”
Boikgohomoso ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya phelang mafarung, hara mafika, eo leaho la hao le leng hara dithaba, wena ya ithorisang ka ho re: ‘Ke mang ya ka ntheolelang tlase?’
Morena o ile a etsa jwalo le ho bana ba Esau, ba neng ba ahile Seire. O ile a fiela Bahore kapele ho bona, bana ba Esau ba ba leleka, mme ba aha naheng ya bona, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.
Laela setjhaba, o re: Le lekgatheng la ho feta meeding ya bana babo lona, bana ba Esau, ba ahileng Seire. Ba tla le tshoha; ka baka leo, itlhokomeleng.
Le se ke la ba lwantsha. Nke ke ka le nea naha ya bona, leha e le ho ka lekanang bohato ba leoto feela, hobane thaba ya Seire ke e neile Esau hore e be ya hae.
Ka mokgwa ona Saule a nka puso ya Iseraele. A lwantsha dira tsa hae kahohle: A lwantsha Bamoabe, a lwantsha le Baamone, a lwantsha le Edomo, a lwantsha dikgosi tsa Soba, a lwantsha le Bafilesita. Hohle moo a futuhelang teng o ne a hlola.